Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -




Eksoda 9:34 - BIBELE

34 Yare ha Faro a bona hore pula, le sefako, le letolo di kgaoditse, a boela a tswela pele ho etsa sebe. Yena le bahlanka ba hae ba nna ba thatafatsa dipelo tsa bona.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

Sesotho 1909/1961 (SO)

34 Eitse ha Faro a bona hobane pula le sefako le diaduma di kgaoditse, a eketsa ho etsa hampe, a ithatafatsa pelo, yena le bahlanka ba hae.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac




Eksoda 9:34
11 Iomraidhean Croise  

Ka nako ya ditsietsi tsena tsa hae, yena kgosi Akase eo a sitelwa Morena le ho feta.


Ha a a ka a ikokobetsa kapele ho Morena, jwalokaha Manase, ntatae, a ile a ikokobetsa. Amona a nna a eketsa molato wa hae.


Sedekiya a fetohela kgosi Nebukadenesare, ya neng a ile a mo hlapantsha ka Modimo. Empa Sedekiya a satalatsa molala, a thatafatsa pelo ya hae, a se ke a kgutlela ho Morena Modimo wa Iseraele.


Jwale Morena a re ho Moshe: “Ha o kgutlela Egepeta, hlokomela hore mehlolo yohle eo ke o neileng matla a ho e etsa, o e etse moo Faro a ntseng a bona. Empa ke tla thatafatsa pelo ya hae, mme a ke ke a lokolla setjhaba hore se tsamaye.


Jwale Morena a re ho Moshe: “Pelo ya Faro e thatafetse, o hana ho lokolla setjhaba hore se tsamaye.


Empa ha Faro a bona hore o imolotswe a thatafatsa pelo ya hae, a se ke a ba mamela, jwalokaha Morena a ne a boletse.


Yaba Moshe o tloha ho Faro, o tswa motseng, o phahamisetsa matsoho a hae ho Morena, mme letolo le sefako tsa kgaotsa, le pula ya se ke ya hlola e potlelana.


Pelo ya Faro ya nna ya thatafala, mme a se ke a lokolla bana ba Iseraele, jwalokaha Morena a ne a boletse ka molomo wa Moshe.


Ka baka la hobane ba kgopo ba dieha ho ahlolwa, batho ba ikemiseditse ho etsa bobe ka sebete.


Ke hobaneng ha le thatafatsa dipelo tsa lona, jwalokaha Baegepeta le Faro ba ne ba thatafatse dipelo tsa bona? Na hase nnete hore e ne ere ha a se a bontshitse matla a hae hara bona, ya eba hona ba lokollang Baiseraele, mme ba itsamaela?


Lean sinn:

Sanasan


Sanasan