Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -




Eksoda 9:22 - BIBELE

22 Morena a re ho Moshe: “Phahamisetsa letsoho la hao mahodimong, hore ho tle ho ne sefako naheng yohle ya Egepeta; se nele batho, se nele diphoofolo, se nele dimela tsohle tse naheng, mona naheng ya Egepeta.”

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

Sesotho 1909/1961 (SO)

22 Yaba Jehova o re ho Moshe: Otlollela letsoho la hao hodimo, sefako se tle se be teng naheng yohle ya Egepeta, hodima batho, le hodima diphoofolo, le hodima dimela tsohle tsa naha, lefatsheng la Egepeta.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac




Eksoda 9:22
7 Iomraidhean Croise  

Jwale Morena a re ho Moshe: “Phahamisetsa letsoho la hao mahodimong, ho tle ho be lefifi naheng ya Egepeta; lefifi leo ekang motho a ka le tshwara ka letsoho.”


Yaba Morena o re ho Moshe: “Ere ho Arone: ‘Nka molamu wa hao, o otlolle letsoho la hao hodima metsi a Egepeta, le hodima dinoka tsa bona, le hodima dinokana tsa bona; le hodima matsha a bona, le hodima metsi a bona wohle a bokellaneng, hore a tle a fetohe madi.’ Ho tla ba le madi naheng yohle ya Egepeta, esita le meruleng le meritshwaneng.”


Jwale Morena a re ho Moshe: “Ere ho Arone: ‘Phahamisa molamu wa hao, o otle lerole la lefatshe, le fetohe menwang naheng yohle ya Egepeta.’ ”


Jwale Morena a re ho Moshe: “Ere ho Arone: ‘Tshwara molamu, o otlollele letsoho la hao hodima dinoka, le hodima matsha, o ntshe dihohwana, di tlale naha ya Egepeta.’ ”


Empa ya sa natseng lentswe la Morena a tlohela makgoba a hae le diphoofolo tsa hae naheng.


Yare ha ba ntse ba baleha Baiseraele, ba le motheong wa Bete-Horone, Morena a ba nesetsa sefako se dinaka, se tswang lehodimong, ba ba ba ya fihla Aseka, mme ba eshwa. Ba bolailweng ke sefako ba eba bangata ho feta ba bolailweng ke Baiseraele ka sabole.


Yaba sefako se dinaka, se boima ba dikilo tse mashome a mahlano, se theoha hodimo, se ruthutha batho. Batho ba nyefola Modimo ka baka la kotlo ya sefako, hobane kotlo eo e ne e le kgolo ka ho fetisisa.


Lean sinn:

Sanasan


Sanasan