Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -




Eksoda 8:9 - BIBELE

9 Yaba Moshe o re ho Faro: “Eba mosa ho kgetha nako eo ke tla o rapella ka yona, wena mmoho le bahlanka ba hao, le setjhaba sa hao, hore dihohwana di tloswe ho wena, le ka tlung ya hao, di sale ka nokeng feela.”

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

Sesotho 1909/1961 (SO)

9 Moshe a re ho Faro: Mpeele nako eo ke tlang ho o rapella ka yona, wena le bahlanka ba hao, le setjhaba sa hao, hore dihohwana di tlohe ho wena, le matlung a hao, di sale nokeng feela.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac




Eksoda 8:9
8 Iomraidhean Croise  

Jwale Elia a re ho baporofeta ba Baale: “Ha ho qale lona ho kgetha pohwana, le be le e tshele, hobane le bangata; ebe le bitsa medimo ya lona, feela le se ke la hotetsa mollo.”


Ha feta matsatsi a supileng kamora hoba Morena a otle noka.


Faro a re: “E be hosasane!” Moshe a re: “A ho be jwalokaha o bolela, e le hore o tle o tsebe hore ha ho ya kang Morena, Modimo wa rona.


Dihohwana di tla tloha ho wena, le matlung a hao, le ho bahlanka ba hao, le ho setjhaba sa hao, di sale ka nokeng feela.”


Faro a bitsa Moshe le Arone, a re: “Rapelang Morena hore a tlose dihohwana tsena ho nna le ho setjhaba sa ka, mme ke tla lokolla setjhaba hore se yo etsetsa Morena sehlabelo.”


Na selepe se ka ithorisetsa, ya rathang ka sona, kapa yona sakga ya ithorisetsa, ya sakgang ka yona? Na molamu o ka nonya ya o phahamisang, kapa kotjane ya tsokotsa motho e se lehong?


Yaba Morena o re: “Ke se tshwaretse ho ya ka kopo ya hao.


Morena a re ho Gideone: “Batho bao o nang le bona ba bangata haholo, hoo nke keng ka neelana ka Bamidiane matsohong a bona, esere Baiseraele ba ikgohomosetsa nna, ba re: ‘Ke rona ba ipholositseng.’


Lean sinn:

Sanasan


Sanasan