Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -




Eksoda 7:22 - BIBELE

22 Ka malepa a tsona dingaka tsa Egepeta le tsona tsa etsa jwalo, mme pelo ya Faro ya nna ya thatafala, a se ke a mamela jwalokaha Morena a ne a ile a bolela.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

Sesotho 1909/1961 (SO)

22 Dingaka tsa Egepeta tsa etsa jwalo le tsona ka boupelli ba tsona; mme pelo ya Faro ya thatafala hore a se ke a ba utlwa, jwalokaha Jehova a ne a boletse.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac




Eksoda 7:22
8 Iomraidhean Croise  

Hoseng a tsoha moya wa hae o tshwenyehile; a re ho latwe dinohe tsohle tsa Egepeta, le bahlalefi bohle ba hona teng. Faro a ba phetela toro ya hae, empa ha se ke ha eba le ya mong ya ka mo hlalosetsang yona.


Jwale Faro le yena a bitsa banna ba bohlale le dingaka, mme ka malepa a tsona dingaka tsa Egepeta le tsona tsa etsa jwalo.


Feela pelo ya Faro ya nna ya thatafala, a se ke a ba mamela, jwalokaha Morena a ne a ile a bolela.


Ditlhapi tse ka nokeng tsa eshwa, noka ya nkga phu! mme Baegepeta ba nyonya ho nwa metsi a tswang nokeng. Madi a ba hohle naheng ya Egepeta.


Faro a kgutla, a boela tlung ya hae, mme a se ke a natsa taba ena.


Empa haeba e le baporofeta, mme eba mantswe a bona ke a Morena, a ba ke ba rapele Morena wa mabotho hona jwale, hore thepa e setseng ka Tempeleng ya Morena, le ka tlung ya kgosi ya Juda le Jerusalema, e se ke ya iswa Babilona.


Jwalokaha Jannese le Jamberese ba ile ba hanyetsa Moshe, le batho bao ba hanyetsa nnete. Ke bao dikelello tsa bona di sa sebetseng, bao tumelo ya bona e seng ya sebele.


Lean sinn:

Sanasan


Sanasan