Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -




Eksoda 22:30 - BIBELE

30 O tla etsa jwalo le ka dikgomo tsa hao, le ka dinku tsa hao; matsibolo a tla nyanya ka matsatsi a supileng, mme ka letsatsi la borobedi o tla nkgethela wona.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

Sesotho 1909/1961 (SO)

30 O etse jwalo le ka kgomo ya hao le ka nku ya hao; di tla dula le bomma tsona tshiu tse supileng; ka la boroba meno e le mmedi, o tla nnea tsona.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac




Eksoda 22:30
14 Iomraidhean Croise  

Ngwana e mong le e mong wa hao e motona o tla bolotswa ha a ena le matsatsi a robedi; e mong le e mong e motona melokong yohle ya hao, le ya tswaletsweng tlung ya hao, le ya rekilweng ka tjhelete ho moditjhaba ya sa tswalaneng le wena.


o tle o kgethele Morena matsibolo wohle a batho, le matsibolo a diphoofolo tsohle tsa hao. Tsohle tse tona ke tsa Morena.


Yaba ke re: “Oho, Morena Modimo! Ha ke eso ka ke itshilafatsa! Ho tloha botjheng ba ka ho fihlela kajeno ha ke eso ka ke eja eng kapa eng e fumanwang e itjhweletse, kapa e harotswe ke dibatana. Ha ke eso ka ke eja nama e sesila.”


Ke nna Morena, Modimo wa lona; ka baka leo, le ikgalaletse, mme le tla halalela. Kahoo le se ke la itshilafatsa ka eng le eng e hahabang hodima lefatshe.


Ke nna Morena ya le nyolotseng naheng ya Egepeta, hore ke be Modimo wa lona; ka baka leo, le tla halalela, hobane ke a halalela.


Ka letsatsi la borobedi ngwana o tla bolotswa ka ho pongwa leeko.


“ ‘Mang kapa mang ya jang nama ya ntho efe le efe e itjhweletseng feela, kapa e harotsweng ke dibatana, e ka ba letswallwa kapa moditjhaba, a hlatswe diaparo tsa hae, a be a tole ka metsi. O tla sala a ntse a le sesila ho fihlela ka phirimana, jwale e tla ba o hlwekile.


“Ha namane, kapa konyana, kapa potsanyane e tswalwa, e lokela ho nyanya mma yona ka matsatsi a supileng. Ho tloha ka letsatsi la borobedi le a hlahlamang, e ka amoheleha ho etsetsa Morena nyehelo ya setjheso.


A se ke a ja nama ya phoofolo e itjhweletseng feela, kapa e harotsweng ke dibatana, hobane e tla mo silafatsa. Ke nna Morena.


“Bua le bana ba Iseraele, o re: ‘Mafura afe kapa afe, e ka ba a kgomo, kapa a nku, kapa a podi, le se ke la a ja.


Mafura a phoofolo e itjhwellang feela, le mafura a phoofolo e harotsweng ke dibatana, wona a ka sebediswa mererong efe kapa efe, empa le se ke la ba la a ja.


Diahelong tsa lona tsohle le se ke la ba la ja bobete, e ka ba ba nonyana, kapa ba phoofolo.


“Le se ke la ja nama ya ntho efe le efe e itjhweletseng feela. Le ka e fa bajaki ba metseng ya lona, la e rekisetsa moditjhaba, hobane lona le setjhaba se halalelang ho Morena Modimo wa lona. “Le se ke la pheha potsanyane ka lebese la mma yona.”


“Matsibolo wohle a matona, a mehlape ya lona ya dikgomo le ya dinku, o tla a kgethela Morena Modimo wa hao. O se ke wa sebedisa matsibolo a mohlape wa hao wa dikgomo. O se ke wa kuta matsibolo a mohlape wa hao wa dinku.


Lean sinn:

Sanasan


Sanasan