Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -




Eksoda 22:27 - BIBELE

27 hobane ke sona seaparo sa hae feela, ke sona se mo futhumatsang. A ka robala kang? Ha a ka ipiletsa ho nna ke tla mo utlwa, hobane ke mohau.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

Sesotho 1909/1961 (SO)

27 hobane ha a na seaparo se seng; ke yona kobo ya hae ya ho apesa letlalo la hae. A ka robala kang? Leha a ka howeletsa ho nna, ke tla mo utlwa, hobane ke mohau.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac




Eksoda 22:27
14 Iomraidhean Croise  

Ha kgosi Davida a fihla Bahurime, a bona ho etla monna wa lelapa la ntlo ya Saule, lebitso la hae e le Shimei, mora wa Gera. A tla a ntse a hlapaolana.


“O se ke wa lebala Shimei, mora wa Gera wa Mobenjamine, ya tswang Bahurime, ya neng a nkgahlanyetse Jorodane. O ne a nkgahlanyetse ka mahlapa a tshabehang, mohla ke neng ke eya Mahanaime. Ke ne ke mo hlapanyetse ka lebitso la Morena, ka re: ‘Nke ke ka o bolaya.’


Empa o se ke wa ba wa mo tshwarela. Kaha o motho ya bohlale, o so tla bona hore na o mo etsa jwang, hore moriri wa hae o moputswa o theohele Nqalong ya Bafu o le madi.”


Haeba le kgutlela ho Morena, bana babo lona, le bana ba lona, ba tla fumana mohau ho bathopi ba bona, mme ba tla kgutlela naheng ena, hobane Morena Modimo wa lona, o mosa, o mohau. A ke ke a le furalla, ha le kgutlela ho yena.”


Ba tadimang ho yena ba kganya kgotso, mahlong a bona dihlong ha di yo.


O tla lopolla mohloki ya llang ho yena, le mohlophehi ya hlokang mothusi.


Empa wena Morena, o Modimo o na le kutlwelobohloko le mosa, o dieha ho halefa, o tletse mohau le botshepehi.


Ha le fela le mo hlekefetsa, ruri ke tla utlwa sello sa hae, ha a ipiletsa ho nna.


Yaba Morena o feta kapele ho yena, mme a howa, a re: “Ke nna Morena! Ke nna Morena! Modimo ya nang le kutlwelobohloko, ya mosa, ya diehang ho halefa, ya nang le mohau o moholo le botshepehi;


Se rohake kgosi, leha e le ka mehopolong ya hao, kapa morui ha o le ka kamoreng ya ho robala, hoba nonyana e fofang e ka utlwa polelo tsa hao, tlhatsinyane ha e rura ya tsamaya e di bolela.


Tsena e tla ba pontsho le bopaki ho Morena wa mabotho naheng ya Egepeta. Etlare ha ba ipiletsa ho Morena ka baka la bahatelli ba bona, a romele mopholosi ho ba sireletsa le ho ba lopolla.


“Ha o adima wa heno ntho efe kapa efe, o se ke wa kena ka tlung ya hae, ho ya lata seo a se beileng paneng.


Lean sinn:

Sanasan


Sanasan