Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -




Eksoda 21:36 - BIBELE

36 Kapa haeba ho tsejwa hore pholo eo e tlwaetse ho hlaba tse ding, mme monga yona a sa ka a e disa, o tla lefa pholo e shweleng ka pholo e phelang, mme pholo e shweleng e be ya hae.”

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

Sesotho 1909/1961 (SO)

36 Empa ha kgomo e ne e tsejwa hoba e ne e ntse e na le mokgwa wa ho hlaba, mme monga yona a sa ka a e lebela, o tla lefa ka tefo e shwetseng, kgomo ka kgomo, lebole lona e be la hae.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac




Eksoda 21:36
4 Iomraidhean Croise  

Empa ha pholo eo e tlwaetse ho hlaba batho, mme monga yona a se a nnile a hlokomediswa, feela a sa e dise, jwale e hlaba monna kapa mosadi, e mmolaya, pholo eo e tla tlepetswa ka majwe, mme le monga yona o tla bolawa.


“Haeba pholo ya motho e mong e hlaba pholo ya e mong osele, mme pholo eo e eshwa, ba tla rekisa pholo e phelang, ba arolelane tjhelete ya yona, mme e shweleng ba e kgekgethe.


“Ha motho a utswa kgomo kapa nku, mme a e hlaba, kapa a e rekisa, o tla lefa kgomo eo ka dikgomo tse hlano, mme a lefe nku eo ka dinku tse nne.


Ya otlang phoofolo, mme a e bolaya, o tla lefa phoofolo eo ka phoofolo e nngwe.


Lean sinn:

Sanasan


Sanasan