Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -




Eksoda 20:26 - BIBELE

26 O se ke wa hlwella aletareng ya ka ka mehato, e le hore bofeela ba hao bo se ke ba apohela ho yona.’ ”

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

Sesotho 1909/1961 (SO)

26 O se ke wa hlwa aletareng ya ka ka methati hore bofeela ba hao bo se ke ba apoha teng.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac




Eksoda 20:26
8 Iomraidhean Croise  

Ke mang, mahodimong, ya ka lekanngwang le Morena? Ke mang ya tshwanang le Morena, hara bara ba Modimo?


“O ba etsetse marikgwe a lesela le lene, ba tle ba a tene; marikgwe ao a tlohe thekeng, a yo fihla diropeng.


Arone le bara ba hae ba a tene ha ba kena ka Tenteng ya Morena, kapa ha ba atamela aletareng ho ya sebeletsa Sehalalelong. Ka mokgwa o jwalo ba ke ke ba jara molato, yaba ba a shwa. “Molao ona ke wa mehla yohle ho yena, le ho ditloholo tsa hae.”


Ha o eya ka tlung ya Modimo, hlokomela mehato ya hao. Atamela haufi, o mamele, ho ena le ho ya etsa nyehelo ya mahlabelo jwaloka dithoto tse sa tsebeng hore di etsa sebe.


Bolelele le bophara ba karolo e hare ya aletare le bona bo ne bo lekana, e le dimethara tse supileng, ho ena le mohaolwana o dintshing tsa aletare, bophahamo ba wona e le disenthimethara tse mashome a mabedi a metso e mehlano. Mehato e hlwellang aletareng e ne e le ka botjhabela.”


Moshe a re ho Arone: “Sena ke seo Morena a neng a se bolela, ha a re: ‘Ke tla bonahatsa ho halalela ha ka ho ba leng haufinyane le nna, mme ke tla tlotliswa kapele ho setjhaba sohle.’ ” Arone a kgutsa.


hobane ho ngotswe, ho thwe: “Le halalele, hobane le nna ke a halalela.”


Lean sinn:

Sanasan


Sanasan