Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -




Eksoda 2:16 - BIBELE

16 Jwale moprista wa Midiane o ne a ena le baradi ba supileng. Yaba ba a tla, ba kga metsi, ba tlatsa senwello, ba nwesa mehlape ya ntata bona.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

Sesotho 1909/1961 (SO)

16 Moprista wa Midiane o ne a na le baradi ba supileng, mme ba tla kga metsi, ba tlatsa dinwelo tsa dintho, ho nosa dinku tsa ntata bona.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac




Eksoda 2:16
11 Iomraidhean Croise  

Meleki-Sedeke, kgosi ya Salema, a mo tlisetsa bohobe le veine. Meleki-Sedeke e ne e le moprista wa Modimo ya hodimodimo. Yaba o hlohonolofatsa Aborame, o re:


A kgumamisa dikamele kantle ho motse, pela sediba, mantsiboya, e leng nako eo basadi ba kgang metsi ka yona.


Bona, ke eme pela sediba, mme baradi ba batho ba motse ona ba tla tla ho kga metsi.


Ha a tadima, a bona sediba hara thota, a bona mehlape e meraro ya dinku e bothile pela sona, hobane mehlape eo e ne e nweswa sedibeng seo. Lejwe le kwahelang molomo wa sediba le ne le le leholo.


Faro a rea Josefa lebitso la Safenate-Paniya, mme a mo nyadisa Asenate, moradi wa Potifera, moprista wa One. Josefa a ya lekola naha yohle ya Egepeta.


Jethero, moprista wa Midiane, mohwe wa Moshe, a utlwa tsohle tseo Modimo a di etseditseng Moshe, le Iseraele setjhaba sa hae, le hore Morena o ntshitse Iseraele Egepeta.


Jwale Jethero, mohwe wa Moshe, a nyehella Modimo ka sehlabelo sa setjheso, le ka mahlabelo a mang. Arone, le baholo bohle ba Baiseraele, ba tla ho ja dijo le mohwe wa Moshe, kapele ho Modimo.


Moshe o ne a disa mohlape wa mohwe wa hae Jethero, moprista wa Midiane. A alosetsa mohlape oo hole lehwatateng, a ba a ya fihla Horebe, thabeng ya Modimo.


Ha ba ntse ba nyoloha moepeng, ba eya ka motseng, ba fumana basetsana ba eya sedibeng, mme ba re ho bona: “Na senohe sa moo se teng?”


Lean sinn:

Sanasan


Sanasan