Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -




Eksoda 19:8 - BIBELE

8 Setjhaba sohle sa arabela hong, sa re: “Sohle seo Morena a se buileng re tla se phetha.” Moshe a ya bolella Morena mantswe wohle ao setjhaba se a buileng.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

Sesotho 1909/1961 (SO)

8 Setjhaba kaofela sa araba hammoho, sa re: Tsohle tseo Jehova a di buileng re tla di etsa.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac




Eksoda 19:8
9 Iomraidhean Croise  

ba ikopanya le bana babo bona, le mahosana a bona, ba hlapanya hore, haeba ba ke ke ba latela Molao wa Modimo, oo ba o neilweng ke Moshe, mohlanka wa Modimo, ba rohakehe. Ba hlapanya le hore ba tla boloka, mme ba phethe melao yohle ya Morena Modimo wa bona, le dikahlolo tsa hae, le ditaelo tsa hae.


Yaba se re ho Moshe: “Wena bua le rona, mme re tla mamela. Modimo yena a se ke a mpa a bua le rona, esere ra shwa.”


Moshe a tla, a bolella setjhaba mantswe wohle a Morena, le ditaelo tsohle tsa hae, mme setjhaba sa arabela se le ntsweleng, sa re: “Re tla phetha dipolelo tsohle tse boletsweng ke Morena.”


Jwale a nka buka ya selekane, a e balla setjhaba moo se ntseng se utlwa, mme sona sa re: “Re tla phetha tsohle tse builweng ke Morena, re di hlomphe.”


Setjhaba sa kgolwa, mme ha se utlwa hore Morena o ne a etetse bana ba Iseraele, le hore o bone matshwenyeho a sona, sa inamisa dihlooho, sa rapela.


Setjhaba sa re ho Joshua: “Tjhe, re tla sebeletsa Morena.”


Setjhaba sa re ho Joshua: “Re tla sebeletsa Morena Modimo wa rona, mme re tla mamela lentswe la hae.”


Lean sinn:

Sanasan


Sanasan