Eksoda 16:3 - BIBELE3 Bana ba Iseraele ba re ho bona: “Hoja Morena o hlile a re bolaela naheng ya Egepeta, moo re neng re ituletse pela dipitsa tsa nama, moo re neng re itjella bohobe, re kgora, hobane jwale le re tlisitse lehwatateng lena, hore setjhaba sena sohle se tlo shwela mona ke tlala.” Faic an caibideilSesotho 1909/1961 (SO)3 Bana ba Iseraele ba re ho bona: Hojane ra itjhwella ka letsoho la Jehova lefatsheng la Egepeta re ntse re ituletse pela dipitsa tsa nama, re eja bohobe, re kgora! Hobane le re ntshitse teng, la re tlisa lefeelleng lena, hore le bolaye setjhaba sena kaofela ka tlala. Faic an caibideil |
Ruri re tla etsa dintho tsohle tseo re hlapantseng hore re tla di etsa, e leng ho tjhesetsa Mofumahadi wa Lehodimo mokubetso, ho mo etsetsa nyehelo ya dino, jwalokaha rona le bo-ntata rona, le dikgosi tsa rona, le mahosana a rona, re ile ra etsa metseng ya Juda le diterateng tsa Jerusalema. Ka nako eno kgora e ne e le ngata, re iketla, re sa tshwenngwe ke letho.