Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -




Eksoda 15:14 - BIBELE

14 Ditjhaba tsa utlwa, mme tsa thothomela, baahi ba Filesitia ba tshwarwa ke tshabo.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

Sesotho 1909/1961 (SO)

14 Ditjhaba ha di utlwa, di a thothomela, masisapelo a tshwere baahi ba Filisetia.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac




Eksoda 15:14
20 Iomraidhean Croise  

Botumo ba Davida ba phatlalla le dinaha tsohle, mme Morena a etsa hore ditjhaba tsohle di mo tshabe.


Tsa o bona, mme tsa hlollwa; tsa ferekana, mme tsa baleha.


Tsa tshwarwa ke thothomelo, ya di tshwara hona moo, le bohloko bo kang ba pelehi;


Se nyakalleng lona Bafiletsita bohle, la re molamu o neng o le otla o robehile, hoba lelokong la noha eo ho tla tswalwa qowane, yona e tswale kganyapa e fofang ka setsokotsane.


Bokolla wena monyako! Meketsa wena motse! Lona bohle ba Filesitiya thothomelang! Mosi o kang leru o foqoha o etswa leboya, hara mabotho a hae ha ho ya tla salla.


Ha Baegepeta ba hlabelwa mokgosi ba tla tshoha ha ba utlwa tsa Tire.


“ ‘Ha ke di behela tsa ho timetswa ha hao, tjhaba tse ngata di tla ba tlokotsing, di le naheng tseo o sa ka di tseba.


Ha a ema, lefatshe la sisinyeha, ha a tadima, merabe ya thothomela; dithaba tsa boholoholo tsa heleha, maralla a kgalekgale a batalla. Ditsela tsa hae ke tsa kamehla yohle.


Ke bone baahi ba Kushane ba tshohile haholo, le baahi ba Midiane ba otlanya mangwele.


Ba tla tsebisa baahi ba naha ena, ba utlwileng hore wena, Morena, o teng kahara setjhaba sena; le hore wena, Morena, se o bona thaka tsa mahlo di tadimane; le hore leru la hao le se okametse, motsheare o se etella pele o le kahara leru le lopaletseng, bosiu o le kahara kganare ya mollo.


A romela maqosa naheng ya Baamone, ho ya bitsa Bileame, mora wa Beore, ya neng a le Petore e pela Noka a re: “Bona, setjhaba ke sena se tswang Egepeta, se pupeditse naha yohle; se ahile pela ka.


Ho tloha kajeno ke tla etsa hore ditjhaba tsohle tse katlasa lehodimo di be le letswalo, di le tshabe. Bohle ba tla thothomela, ba phakgasele kapele ho lona, ha ba utlwa lebitso la lona.”


A tshoha haholo, hobane Gibeone e ne e le motse o moholo, o kang o mong wa metse ya moreneng, mme o le moholo ho feta Ai, le banna bohle ba wona e le dinatla.


Ha re utlwa hoo, dipelo tsa rona di ile tsa nyahama, mme banna bohle ba se ke ba hlola ba eba le sebete, ka baka la ho le tshaba, hobane Morena Modimo wa lona, ke yena Modimo ya hodimo, lehodimong, le ya tlase, lefatsheng.


Ba araba Joshua, ba re: “Bahlanka ba hao ba ile ba bolellwa kamoo Morena Modimo wa lona, a ileng a laela Moshe, mohlanka wa hae, hore a le nee naha ena yohle, mme le bolaye baahi ba yona ba kapele ho lona. Ka baka leo, re ile ra tshaba hore le tla re bolaya, mme ke ka hona re entseng hona.


Ba mo araba, ba re: “Bahlanka ba hao ba tswa naheng e hole, ka baka la lebitso la Morena Modimo wa lona, hobane re utlwile botumo ba hae, le tsohle tseo a di entseng Egepeta.


Bafilesita ba tshoha, ba re: “Modimo o fihlile diahelong!” Ba boela ba re: “A rona bale! Maoba le maobane ho ne ho se ntho e tjena!


A rona bale! Ke mang ya tla re lopolla matsohong a medimo ee e matla? Medimo ena ke yona e neng e bolaye Baegepeta ka mefutafuta ya diwa, lehwatateng.


Lean sinn:

Sanasan


Sanasan