Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -




Eksoda 15:1 - BIBELE

1 Yaba Moshe le bana ba Iseraele ba binela Morena sefela sena, ba re: “Ke tla binela Morena, hobane ruri o itlotlisitse ka tlholo; o lahletse pere le mopalami wa yona ka lewatleng.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Yaba Moshe le bana ba Iseraele ba binela Jehova thoko ena; ba bina, ba re: Ke tla binela Jehova, hobane o itlotlisitse le ho itlotlisa; pere le mokalli wa yona o di dihetse lewatleng.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac




Eksoda 15:1
27 Iomraidhean Croise  

Wa phatlola lewatle kapele ho bona, ba tshela lewatle mobung o ommeng; baphaladisi ba bona wa ba akgela bodibeng, jwaloka lejwe ha le akgelwa metsing a bilohang.


Hopola ho tlotlisa mesebetsi ya hae, mesebetsi eo batho ba e rokang ka difela.


A ntsha setjhaba sa hae ka nyakallo, bakgethwa ba hae ka ditlatse tsa thabo.


Yaba ba qala ho kgolwa tshepiso tsa hae, ba mminela dithoko.


Ba ke ba boke Morena ka baka la mohau wa hae, le dimakatso tsa hae ho bana ba batho.


Ba ke ba boke Morena ka baka la mohau wa hae, le dimakatso tsa hae ho bana ba batho.


O setshabelo sa ka, o tla mphemisa matshwenyeho; o nteela hare, o a ntopolla.


Dinatla di hlakotswe kgapo ya tsona, tsa robala boroko ba lefu; bahlabani bohle ba sitilwe ho itwanela.


Yare ha o kgalemela, wena Modimo wa Jakobo, dikariki le dipere tsa ntwa tsa fetoha, tsa fetoha diemahale.


Morena a re ho Moshe: “Otlollela letsoho la hao hodima lewatle, o etse hore metsi a kwahele Baegepeta, le dikariki tsa bona tsa ntwa, le bapalami ba bona.”


Yaba Moshe o otlollela letsoho la hae hodima lewatle, mme ha bosiu bo esa lewatle la kgutlela tulong tsa lona. Baegepeta ba leka ho baleha metsi ana, empa Morena a ba lahlela hara lewatle.


Meriama a phokola sefela, a re: “Binelang Morena, hobane ruri o itlotlisitse, o itlotlisitse ka tlholo, o lahletse pere le mopalami wa yona ka lewatleng.”


Jwale ke a tseba hore Morena o moholo ho feta medimo yohle, hobane ruri o lopolotse setjhaba sa hae ho ba neng ba ikgantshetsa sona.”


Sebe sa ya kgopo ke lemena ho yena, empa ya lokileng o bina a nyakaletse.


Binelang Morena sefela se setjha, mo tlotliseng ho tloha pheletsong tsa lefatshe, lona ba sesisang dikepe lewatleng, le dibopuwa tsohle tse phelang lewatleng, lona dihlekehleke, le bohle ba phelang ho tsona.


Ka wena ke tla qhemetsa pere le mopalami, ka wena ke qhemetse kariki ya ntwa, ke e qhemetse le moqhobi wa yona.


Mabitso a bo-Baale ke tla a fedisa, le ho bitswa a ke ke a hlola a bitswa.


nna ke tla nne ke ithabelle Morena, ke nyakallele Modimo, Mopholosi wa ka.


Ke ha Baiseraele ba bina pina, ba re: “Runyarunya, wena sediba; lona se bineleng!


Ka sona meya e busang le e okamelang, ya amohuwa matla a yona ke Kreste; a e hobosa, a e kenya mokolokong wa hae wa tlholo e le bathopuwa.


Ba ne ba bina sefela sa Moshe, mohlanka wa Modimo, le sefela sa Konyana, ba re: “Mesebetsi ya hao e meholo, e tsoteha hakaakang, Morena Modimo ya matla wohle! Ditsela tsa hao di lokile, ke tsa nnete, wena Kgosi ya ditjhaba.


Lean sinn:

Sanasan


Sanasan