Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -




Eksoda 13:15 - BIBELE

15 E ile yare ha Faro a ngangella, a hana ho re lokolla, Morena a bolaya matsibolo wohle naheng ya Egepeta, ho qala ka matsibolo a batho, ho isa ho matsibolo a diphoofolo. Ke ka lebaka lena ke etsetsang Morena sehlabelo ka letsibolo le leng le le leng le letona, empa matsibolo a matona, a bara ba ka, ke a a lopolla.’

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

Sesotho 1909/1961 (SO)

15 Enile ya re ha Faro a ntse a hana ho re lokolla, Jehova a bolaya matsibolo kaofela a naha ya Egepeta, ho tloha matsibolong a batho, ho isa matsibolong a diphoofolo; ke ka baka lena ke hlabelang Jehova matsibolo wohle a matona. Bara ba ka kaofela ba matsibolo ke a ba lopolla.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac




Eksoda 13:15
7 Iomraidhean Croise  

A bolaya matsibolo wohle a naha ya bona, bana ba bona ba matswathaka.


Jwale ka seroko, Morena a bolaya matsibolo wohle a naha ya Egepeta; ho qala ka letsibolo la Faro, lona le tla dula teroneng ya hae, ho isa ho letsibolo la motshwaruwa ya kwaletsweng tjhankaneng, le matsibolo wohle a diphoofolo.


Feela ke a tseba hore kgosi ya Egepeta e ke ke ya le dumella ho tsamaya, haese ha e etswa ka matla hore e etse jwalo.


O tla lopolla letsibolo la tonki ka konyana; ha o sa le lopolle, o le sothe molala. Bara ba hao bohle ba matsibolo o tla ba lopolla. “Batho ba se ke ba hlaha kapele ho nna ba itsolokile.


Ke o boleletse hore o mo lokolle, a yo ntshebeletsa, empa o hanne; bona, ke tla bolaya mora wa hao wa letsibolo.’ ”


Letsibolo le leng le le leng la dibopuwa tsohle le nyehellwang Morena ke la hao; e ka ba la motho kapa la phoofolo. Leha ho le jwalo, letsibolo la motho o tla le lopolla, le letsibolo la phoofolo e sa hlwekang le lona o tla le lopolla.


Bakeng sa topollo ya bana ba Iseraele ba makgolo a mabedi le mashome a supileng a metso e meraro, e leng palo eo ba fetang Balevi ka yona,


Lean sinn:

Sanasan


Sanasan