Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -




Eksoda 12:21 - BIBELE

21 Yaba Moshe o bitsa baholo bohle ba Iseraele, o re ho bona: “Tsamayang le yo nkela malapa a lona dikonyana, mme le di hlabele mokete wa Paseka.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

Sesotho 1909/1961 (SO)

21 Yaba Moshe o bitsa baholo ba Iseraele kaofela, a re ho bona: Kgethang, mme le inkele konyana ka matlo a lona, mme le hlabe Paseka.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac




Eksoda 12:21
18 Iomraidhean Croise  

Kgosi Josiya a laela setjhaba sohle, a re: “Etsang mokete wa Paseka ya Morena Modimo wa lona, jwalokaha ho ngotswe Bukeng ena ya Selekane.”


Baprista le Balevi ba itlhwekisa kaofela, mme bohle ba hlweka. Balevi ba hlaba konyana ya Paseka, ba e hlabela bohle ba neng ba thopilwe, le bana babo bona, e leng baprista, mme le bona ba itlhabela yona.


Le tle le e je tjena: le itlamile matheka, le rwetse meqathatso, le tshwere melamu ya lona; le e je le potlakile. Ke yona Paseka ya Morena.


Le se ke la ja letho le lomositsweng; diahelong tsa lona tsohle le tla ja bohobe bo sa lomoswang!’ ”


Bolellang setjhaba sohle sa Iseraele, le re: ‘Ka letsatsi la leshome la kgwedi ena, e mong le e mong a inkele konyana, ho ya ka malapa a bo-ntata bona, lelapa ka leng le be le konyana.


Yaba Morena o re ho Moshe: “Nka ba bang ba baholo ba setjhaba sa Iseraele, o ye kapele ho sona; ka letsohong la hao o nke molamu wa hao, oo o neng o otle metsi a noka ka wona, o tsamaye.


Moshe a theoha, a bitsa baholo ba setjhaba, a ba bolella mantswe ana wohle ao Morena a mo laetseng wona.


“Tsamaya, o bokelle baholo ba Iseraele, o re ho bona: ‘Morena, Modimo wa bo-ntata lona, Modimo wa Aborahama, le Isaka, le Jakobo, o iponahaditse ho nna, a re: Ke ile ka le etela, mme ka bona tseo le di etswang naheng ya Egepeta.


Morena a re ho Moshe: “Ntlisetse banna ba mashome a supileng, bao e leng baholo ba setjhaba sa Iseraele, bao o tsebang hore ke baholo le baokamedi ba setjhaba sa Iseraele. O ba tlise ka Tenteng ya Morena, ba eme teng hammoho le wena.


Hape ba nwa seno sa moya se tshwanang, hobane ba ile ba enwa Lefikeng la moya le neng le ba latetse. Lefika leo ke Kreste.


Ka tumelo a etsa mokete wa Paseka, mme a foka menyako ka madi, e le hore Motimetsi a tle a se ke a ama matsibolo a Baiseraele.


Bana ba Iseraele ba nna ba hlola Gilegale, mme ka letsatsi la leshome le metso e mene la kgwedi eo, ka phirimana, ba keteka mokete wa Paseka diphuleng tsa Jeriko.


Lean sinn:

Sanasan


Sanasan