Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -




Eksoda 12:13 - BIBELE

13 Madi ana e tla ba letshwao la lona, matlung ao le leng ho wona; etlare ha ke bona madi ke fete, mme ha ho sewa se tla le wela hodimo ho le timetsa, ha ke otla naha ya Egepeta.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

Sesotho 1909/1961 (SO)

13 Madi e tla ba letshwao la lona matlung ao le dutseng ho wona; ke tla bona madi, ke le fete, mme kotsi ha e ka ke ya eba hodima lona ho le bolaya, ha ke otla naha ya Egepeta.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac




Eksoda 12:13
10 Iomraidhean Croise  

Le tla bolotswa ka ho poma leeko, mme hona e tla ba letshwao la selekane se pakeng tsa rona le wena.


Le tle le e je tjena: le itlamile matheka, le rwetse meqathatso, le tshwere melamu ya lona; le e je le potlakile. Ke yona Paseka ya Morena.


Morena o tla tsamaya hara Egepeta, a bolaye Baegepeta, empa ha a bona madi koseneng e kahodimo, le ho tse pedi tse ka mahlakoreng, Morena o tla feta monyako, a se dumelle Motimetsi hore a kene ka matlung a lona, ho le bolaya.


Batho ba nke madi a yona, mme ka wona ba tlotse dikosene tse pedi tse mahlakoreng, le kosene e kahodimo ho monyako, matlung wohle ao ba tla e jella ho wona.


Morena a re ho yena: “Tsamaya hara motse wohle wa Jerusalema, mme bohle ba hlomohileng, ba lliswang ke manyala wohle a etswang hara motse ona, o ba tshwaye diphatleng.”


mme le lebelle Mora wa hae ya tla tswa lehodimong, Jesu eo a mo tsositeseng bafung, yena ya tla re phemisa kgalefo e tlang.


Ka tumelo a etsa mokete wa Paseka, mme a foka menyako ka madi, e le hore Motimetsi a tle a se ke a ama matsibolo a Baiseraele.


Jwale ke a le rapela: Ntlhapanyetseng ka lebitso la Morena, hore ha e le mona ke bile mosa ho lona, le lona le tla ba mosa ho lelapa leso, mme le be le nnee pontsho ya nnete.


Ha re fihla naheng ena, o tle o tlame kgwele e kgubedu ena fesetereng eo o re lepeleditseng ho yona, mme o bitse ntatao, le mmao, le bana beno, le bohle ba lelapa leno, ba phuthehele mona ha hao, ka tlung ena.


Empa haeba re phela leseding, jwalokaha le yena a le leseding, re a phedisana, mme madi a Jesu, Mora wa hae, a re hlwekisa dibe tsohle.


Lean sinn:

Sanasan


Sanasan