Jwale he, kgutlisa mosadi enwa wa motho, hobane monna wa hae ke moporofeta, o tla o rapella, mme o tla phela. Empa haeba o sa mo kgutlise, tseba hore ruri o tla shwa, wena le bohle ba heno.”
Moshe le Arone ba etsa mehlolo ena yohle moo Faro a bonang, empa Morena a nna a thatafatsa pelo ya Faro, a se ke a lokolla bana ba Iseraele hore ba tswe naheng ya hae.
Jwale bua moo batho ba utlwang, hore monna e mong le e mong, le mosadi e mong le e mong a kope ho ya ahelaneng le yena dintho tse entsweng ka silefera, le tse entsweng ka kgauta.”
Ka kgwedi ya pele, ka letsatsi la leshome le metso e mene la kgwedi, ka shwalane, le tla ja bohobe bo sa lomoswang ho fihlela ka shwalane ya letsatsi la mashome a mabedi a motso o mong la kgwedi.
Ka letsatsi la leshome le metso e mene la yona kgwedi ena, ka phirimana, le tla etsa mokete wa Paseka ka nako ya wona. Le tla o etsa ho ya ka melao yohle ya wona, le ho ya ka ditaelo tsohle tsa wona.”
Ka letsatsi la leshome le metso e mene, la kgwedi ya pele, ka phirimana, bana ba Iseraele ba etsa mokete wa Paseka ba le lehwatateng la Sinai. Bana ba Iseraele ba etsa tsohle ho ya kamoo Morena a neng a laetse Moshe kateng.
Ho ne ho setse matsatsi a mabedi pele ho Paseka le mokete wa bohobe bo sa lomoswang. Baprista ba baholo le Ditsebi tsa Molao ba ne ba batla mokgwa wa ho tshwara Jesu ka mano, ba tle ba mmolaye,
Hoba a mo tshware, a mo kenya tjhankaneng, a mo neela dihlopha tse nne tsa bahlabani ba bane sehlopheng ka seng, hore ba mo lebele, a hopotse ho mo hlahisa kapele ho setjhaba kamora Paseka.
Moporofeta wa Modimo a tla ho Eli, mme a re ho yena: “Morena o bua tjena: ‘Na ha ke a ka ka iponahatsa lapeng leno, ha bo-ntatao ba sa le Egepeta, le le makgoba tlung ya Faro?