Etlare ha o utlwa leswahlaswahla hodima difate tsa monokotshwai, ebe o a futuha, hobane Morena o tla be a o eteletse pele ho ya bolaya lebotho la Bafilesita.”
“ ‘Ka bona bosiu boo ke tla tsamaya naheng yohle ya Egepeta, ke bolaye matsibolo wohle a naha ya Egepeta, a batho le a diphoofolo, mme ke tla ahlola medimo yohle ya Egepeta. Ke nna Morena.
Morena o tla tsamaya hara Egepeta, a bolaye Baegepeta, empa ha a bona madi koseneng e kahodimo, le ho tse pedi tse ka mahlakoreng, Morena o tla feta monyako, a se dumelle Motimetsi hore a kene ka matlung a lona, ho le bolaya.
Jwale ka seroko, Morena a bolaya matsibolo wohle a naha ya Egepeta; ho qala ka letsibolo la Faro, lona le tla dula teroneng ya hae, ho isa ho letsibolo la motshwaruwa ya kwaletsweng tjhankaneng, le matsibolo wohle a diphoofolo.
Morena o tla futuha jwaloka mohale ya matla, jwaloka mohlabani o tla tsosa tjheseho ya hae; o tla howa, a hlabe mokgosi wa ntwa, dira tsa hae le tsona a di ripitle.
“Ka le otla ka mafu a sewa, ka le otla sa mohla ke otlang Egepeta. Bahlankana ba lona ka ba bolaya ka sabole, ka bolaya le dipere tsa lona, pere tse hapilweng. Seputa se ka diahelong tsa lona sa le nkgela, leha ho le jwalo ha le a ka la kgutlela ho nna,” ho rialo Morena.
Pulamadiboho e tla ba etella pele; ba tla roba mekwallo ya kgoro, ba itsamaele. Kgosi ya bona e tla tswa pele ho bohle, ka sehloohong sa bona Morena a itlhomme.”