Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -




Eksoda 1:10 - BIBELE

10 Tloong: A re se sebetseng ka bohlale, esere sa nna sa ngatafala, mme ha ntwa e ka qhoma sa thusa dira tsa rona, sa re lwantsha, sa tswa naheng ena.”

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

Sesotho 1909/1961 (SO)

10 Tloong, re se etsetseng ka bohlale, se tle se se ke sa ngatafala, mme ya tla ya re ha ntwa e ka tsoha, sa tlatsana le dira tsa rona, sa re lwantsha, mme sa tloha naheng ena.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac




Eksoda 1:10
13 Iomraidhean Croise  

ka maraba a bona o tshwasa bo-ramasene, maqheka a bona a fetoha lefeela.


Ya kgopo o a ikgantsha, o befetse ya hlophehileng; a ke a tshwaswe ke mano ao a a lohileng.


A fetola pelo tsa tsona, tsa hloya tjhaba sa hae, tsa sebetsa bahlanka ba hae ka bolotsana.


Ha ba re: “Tloo le rona, re yo lalla motho re mmolaye, re tsholle madi a ba se nang molato;


Tsela e teng e bonahalang e lokile ho monga yona, empa e qetella ka ho isa lefung.


Ha ho bohlale, kelello, kapa morero o ka atlehang ha Morena a sa o rate.


Tloo hle, o nthohakele setjhaba sena, hobane se matla ho mpheta. Mohlomong nka tseba ho se hlola, ka se leleka naheng ena, hobane ke a tseba hore motho eo o mo hlohonolofatsang, o hlohonolofaditswe, mme eo o mo rohakang, o rohakehile.”


Yare ha bo esa, Bajuda ba etsa mmomori, mme ba ikana hore ba ke ke ba eja, leha e le ho nwa letho, ba eso bolaye Paulosi.


Eo ya sebetsa leloko la rona ka mano, ya sotla bo-ntata rona, ya ba lahlisa masea a bona, hore a tle a se ke a phela.


Empa mahosana a Bafilesita a halefela Akishe, a re ho yena: “Mo kgutlisetse moo o mo fileng bokginapere teng, o se ke wa mo dumella a ya le rona ntweng, esere a fetoha lehlabaphiyo ha theko di teana. A ka etsa kgotso jwang le monga hae, haese ka dihlooho tsa banna baa ba rona?


Lean sinn:

Sanasan


Sanasan