Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -




Dipesaleme 1:6 - BIBELE

6 hobane Morena o tseba tsela ya ba lokileng, athe tsela ya ba kgopo e isa timelong.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

Sesotho 1909/1961 (SO)

6 Hobane Jehova o tseba tsela ya ba lokileng, empa tsela ya bakgopo e fella tshenyehong.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac




Dipesaleme 1:6
17 Iomraidhean Croise  

Empa Modimo o tseba metsamao ya ka; ha a nteka ke tla tswa ke hlwekile seka kgauta.


Ya kgopo ha a bona hoo, o a tlallana, o tsikitlanya meno, o a monyela; takatso ya ya kgopo e tla fela.


Ke hlahisa sello sa ka, ke se hlahisa kapele ho yena, ke bea tsietsi ya ka kapele ho yena.


Ha moya wa ka o imetswe, wena o tseba tsela ya ka. Tseleng eo ke tsamayang ho yona ba ntjhehetse sefi.


Morena o sireletsa bajaki, o thusa kgutsana le mohlolohadi, athe merero ya ba kgopo o a e nyopisa.


O kgalemetse ditjhaba, wa timetsa ba kgopo, mabitso a bona wa a hlakolela ruri.


Tsela e teng e bonahalang e lokile ho monga yona, empa e qetella ka ho isa lefung.


Ditsela tsa ya kgopo ke manyala ho Morena, ya labalabelang ho loka yena o a mo rata.


Morena o molemo, ke setshabelo; ke setshabelo mohla tsatsi la ditlokotsi, ba mo tshepang o a ba sireletsa.


“Kenang ka kgoro e patisaneng, hobane kgoro e isang timelong e hebehebe, le tsela e yang teng e sephara, mme ba kenang ka yona ba bangata,


“Ke nna modisa ya molemo, mme ke tseba dinku tsa ka, le dinku tsa ka di a ntseba;


Dinku tsa ka di utlwa lentswe le ka, ke a di tseba, mme di a ntatela.


Leha ho le jwalo, motheo o tiileng, oo Modimo a o entseng, o ntse o tsitsitse, o ngotswe mantswe ana: “Morena o tseba bao e leng ba hae,” le ana: “Bohle ba rapelang Morena ba hlobohe bokgopo.”


Empa batho bao, ba kang diphoofolo tse hlokang kelello, tse bopetsweng ho tshwaswa le ho bolawa, ba nyefola dintho tseo ba sa di tsebeng. Ba tla timetswa jwaloka diphoofolo,


O tataisa maoto a bahalaledi ba hae, athe ba kgopo ba tla timella lefifing, hobane motho ha a hlole ka matla a hae.


Lean sinn:

Sanasan


Sanasan