Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -




Diketso 3:4 - BIBELE

4 Empa Petrose, a ena le Johanne, a mo tadimisisa, a re: “Re shebe!”

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

Sesotho 1909/1961 (SO)

4 Empa Petrose a mo hlaba ka mahlo, a ena le Johanne, a re: Re tadime.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

Baasraak Sotho NT

4 Petrose a mo tadima, a ena le Johanne, a re: Re tadime.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

4 Petrose a mo tadima, a ena le Johanne, a re: Re tadime.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac




Diketso 3:4
11 Iomraidhean Croise  

Hoba a kwale buka, mme a e kgutlisetse ho mothusi, a dula, mme mahlo a bohle ba ka tlung ya thapelo a eba hodima hae.


Jesu a re ho yena: “Na ha ke a o bolella hore, ha o dumela, o tla bona tlotla ya Modimo?”


Ha Jesu a mmona a paqame moo, mme a tseba hore e se e le nako e telele a kula, a re ho yena: “Na o rata ho fola?”


A le tadima, a tshoha, mme a re: “Keng, Morena?” La re ho yena: “Dithapelo le dithuso tsa hao ho mafutsana di amohelehile ho Modimo, mme o o hopotse.


Ha ke tadimisisa ka ho yona, ka bona diphoofolo tsa lefatshe tse maotomane, le dibatana, le dihahabi, le dinonyana tse fofang.


Petrose le Johanne ba nyolohela Tempeleng ho ya thapelong ya hora ya boraro, motsheare wa mantsiboya.


Ha monna eo a ntse a itshwareletse ka Petrose le Johanne, batho bohle ba mathela ho bona mathuleng a bitswang a Solomone, ba maketse haholo.


Petrose ha a bona hoo, a re ho bona: “Banna ba Iseraele, keng ha le makalla taba ee? Le re tadimelang jwalokaha eka ke ka matla a rona, kapa ka borapedi ba rona, re entseng hore monna eo a tsamaye?


Ha a bona Petrose le Johanne, ba le lekgatheng la ho kena ka Tempeleng, a kopa dithuso.


Yaba o a ba sheba, a lebeletse ho fumana ho hong ho bona.


Lean sinn:

Sanasan


Sanasan