Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -




Daniele 5:3 - BIBELE

3 Yaba ba tlisa dinwelo tsa kgauta, tse neng di nkilwe ka Tempeleng ya Modimo e neng e le Jerusalema, mme kgosi le mahosana a yona, le basadi ba yona, le basadi ba yona ba mafielo, ba nwela ho tsona.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

Sesotho 1909/1961 (SO)

3 Yaba ho tliswa mehope ya kgauta e hapilweng tempeleng, tlung ya Modimo, Jerusalema, mme morena, le mahosana a hae, le basadi ba hae, le dinyatsi tsa hae, ba enwa ka mehope eo.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac




Daniele 5:3
11 Iomraidhean Croise  

Thepa yohle ya Tempele ya Morena, e kgolo le e nyenyane, le matlotlo a Tempele ya Morena, le matlotlo a kgosi, le a mahosana a yona, tsena tsohle a di isa Babilona.


Kahoo lebitla le ba lapetse, le se le ahlame, le ba emetse; kgabane tsa bona le matshwele di theohela teng, di theohela le menyaka le marata a tsona.


“Mamelang babalehi ba phonyohileng Babilona, ba phatlalatsa Sione hore Morena o a iphetetsa, Morena Modimo wa rona, o a phetetsa, o phetetsa Tempele ya hae.


Ha Beleshasare a ntsa enwa veine, a laela hore dinwelo tsa kgauta le tsa silefera, tseo ntatae Nebukadenesare, a neng a di nke ka Tempeleng e neng e le Jerusalema, di tliswe, e le hore kgosi le mahosana a yona, le basadi ba yona, le basadi ba yona ba mafielo, ba tle ba nwele ho tsona.


O ikgohomoseditse Morena ya lehodimong. Ba o tliseditse dinwelo tse tswang ka Tempeleng ya hae, mme wena le mahosana a hao, le basadi ba hao, le basadi ba hao ba mafielo, le nweletse veine ka ho tsona. O ile wa rorisa medimo ya silefera, le ya kgauta, le ya lethose, le ya tshepe, le ya lehong, le ya lejwe, e sa boneng, e sa utlweng, e sa tsebeng letho. Empa ha o a ka wa tlotlisa Modimo eo bophelo ba hao le metsamao yohle ya hao e leng ka letsohong la hae.


Ba nwa veine, ba rorisa medimo ya kgauta, le ya silefera, le ya lethose, le ya tshepe, le ya lehong, le ya lejwe.


O na sa tsebe hore mofani ke nna, mofani wa koro le veine le ole, ya mo fileng silefera le kgauta e ngata, eo ba sebeleditseng Baale ka yona.


Ba fefola sa moya o foka, o ba o feta, ba fefola jwalo, ebe ba a ikela; banna bana ke banna ba sehloho, matla ke wona modimo wa bona.”


“Empa lona le ntlontlolla ka ho bua ka tafole ya Morena, le re: ‘E silafetse!’ Le ka dijo tsa yona le re: ‘Di a nyediseha!’


Mohla batho ba reng: “Ke kgotso, ha ho kotsi,” ke mohla timelo e tla ba tsometsa jwalokaha bohloko ba pelehi bo tsometsa moimana, mme ba ke ke ba phonyoha.


Ka nako yona eo, ha Baiseraele ba ntse ba se na kgosi, Molevi e mong ya neng a jakile ka nqane ho naha e maralla ya Efraime, a inkela mosadi wa lefielo motseng wa Betlelehema e Juda.


Lean sinn:

Sanasan


Sanasan