Daniele 3:1 - BIBELE1 Kgosi Nebukadenesare a etsa setshwantsho sa kgauta: Bophahamo ba sona e le dimethara tse mashome a mabedi a metso e supileng, botenya ba sona e le dimethara tse tharo; a se emisa phuleng ya Dura, naheng ya Babilona. Faic an caibideilSesotho 1909/1961 (SO)1 Morena Nebukadnesare o ne a etse setshwantsho sa kgauta, boemo ba sona e le ditswe tse mashome a tsheletseng, botenya ba sona e le ditswe tse tseletseng; a se emisa lehwatateng la Dura, naheng ya Babilona. Faic an caibideil |
O ikgohomoseditse Morena ya lehodimong. Ba o tliseditse dinwelo tse tswang ka Tempeleng ya hae, mme wena le mahosana a hao, le basadi ba hao, le basadi ba hao ba mafielo, le nweletse veine ka ho tsona. O ile wa rorisa medimo ya silefera, le ya kgauta, le ya lethose, le ya tshepe, le ya lehong, le ya lejwe, e sa boneng, e sa utlweng, e sa tsebeng letho. Empa ha o a ka wa tlotlisa Modimo eo bophelo ba hao le metsamao yohle ya hao e leng ka letsohong la hae.
Ha e le batho ba sa kang ba bolawa ka dikotlo tsena, ha ba a ka ba bakela mesebetsi ya bona; ba nnile ba tswela pele ho kgumamela bademona, ditshwantsho tsa medimo ya bohata, tsa kgauta, le tsa silefera, le tsa lethose, le tsa lejwe, le tsa lehong, tse ke keng tsa bona, kapa tsa utlwa, kapa tsa tsamaya.