Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -




Daniele 1:9 - BIBELE

9 Jwale Modimo a etsa hore mookamedi wa bahlanka ba kgosi a hauhele Daniele, a mo utlwele bohloko.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

Sesotho 1909/1961 (SO)

9 Modimo wa fumantsha Daniele mosa le mohau ho hlooho ya matona;

Faic an caibideil Dèan lethbhreac




Daniele 1:9
14 Iomraidhean Croise  

Yaba monna eo o re: “Ha o sa tla hlola o bitswa Jakobo, empa o tla bitswa Iseraele, hobane o lwanne le Modimo le batho, mme o hlotse.”


Empa Morena a ba le Josefa, a mo hauhela, a etsa hore mookamedi wa tjhankana a mo rate.


Tshwarela setjhaba sa hao se o sitetsweng, o se tshwarele ditshito tsa sona, tseo se o sitetsweng ka tsona. Etsa hore bao ba se thopileng ba be le mohau, ba se hauhele.


Oho, Morena, ke a o rapela: Ako thee tsebe o mamele thapelo ya mohlanka wa hao, le thapelo ya bahlanka ba hao, ba tjhesehelang ho hlompha lebitso la hao. Ke a o rapela: Ako atlehise mohlanka wa hao, hona kajeno, mme o etse hore monna enwa a mo hauhele.” Mehleng eo ke ne ke le moqhatsetsi wa kgosi.


Jwale kgosi ya re ho nna: “O rata ha ke o etsetsa eng?”


Hegai a kgahlwa ke Esetere, mme a mo rata. Hegai a potlaka, a mo nea ditlolo tseo a itlotsang ka tsona, le dijo tse mo tshwanelang. A mo nea le barwetsana ba supileng ba kgethilweng tlung ya bokgosi, hore ba mo sebeletse. Hegai a isa Esetere le makgabunyane a hae sebakeng se setle tlung ya kgosi, moo ho neng ho dula basadi.


Modimo o namolela mafutsana puong tse hlabang, a a lopolle matsohong a ba dikgoka;


kahoo mafutsana a ruile letshepa, molomo wa bokgopo o a kwaleha, o didimale.”


A etsa hore bohle ba neng ba ba isitse bothopuweng ba ba utlwele bohloko.


Lona batho ting! le tla ntlontlolla ho fihlela neng, le rate mafeela, le mathele mashano?


Eo metsamao ya hae e kgahlang Morena, Morena o mo phedisa ka kgotso le dira tsa hae.


Mookamedi wa bahlanka ba kgosi a re ho Daniele: “Ke tshaba monga ka, kgosi, ya laetseng hore le fuwe seo le se jang le seo le se nwang. Ha a ka bona difahleho tsa lona di motetse ho feta tsa bahlankana ba bang, thaka tsa lona, a ka mpolaya ka baka la lona.”


a mo namolela matshwenyehong wohle a hae. Modimo a mo nea leseho le bohlale pela Faro, kgosi ya Egepeta, mme Faro a mo kgetha ho ba mmusisi wa Egepeta le wa ntlo ya hae yohle.


Lean sinn:

Sanasan


Sanasan