BaHebheru 4:12 - BIBELE12 Lentswe la Modimo le a phela, le a sebetsa. Le bohale ho feta disabole tsohle tse sehang kamahohle. Le phohlotsa ho ya fihla moo bophelo le moya di kopanang teng, manonyeletsong le mokong. Le ahlola mehopolo le merero ya pelo. Faic an caibideilSesotho 1909/1961 (SO)12 Hobane Lentswe la Modimo ke lentswe le phelang, le matla, mme le fetisa ka bohale disabole tsohle tse leoditsweng ka nqa tse pedi; mme le a hlaba, le ye ho kena le dikgaohanong tsa pelo le tsa moya, le manonyellong le mokong; mme le ahlola maikutlo le mehopolo ya pelo. Faic an caibideilBaasraak Sotho NT12 Hobane Lentswe la Modimo ke lentswe le phelang, le matla, le bohale ho feta sabole e leoditsweng ka nqa tse pedi; Faic an caibideilContemporary Southern Sotho Bible 202412 Hobane Lentswe la Modimo ke lentswe le phelang, le matla, le bohale ho feta sabole e leoditsweng ka nqa tse pedi; Faic an caibideil |
Yaba ke bona diterone le ba dutseng hodima tsona, ba neilweng matla a ho ahlola. Ka bona le ba kgaotsweng dihlooho ka baka la bopaki ba Jesu, le ka baka la Lentswe la Modimo, le ba sa kang ba kgumamela sebatana le setshwantsho sa sona, ba sa kang ba fumanwa ba ena le letshwao la sona diphatleng le matsohong a bona. Ba boela ba phela, mme ba busa le Kreste ka dilemo tse sekete.