Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -




BaFilipi 4:11 - BIBELE

11 Ha ke rialo ka baka la ho hloka, hobane ke ithutile ho kgotsofalla boemo boo ke leng ho bona.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

Sesotho 1909/1961 (SO)

11 Ha ke bolele ka baka la ho hloka; hobane ke ithutile ho kgolwa ditabeng dife le dife tseo ke leng ho tsona.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

Baasraak Sotho NT

11 Eseng hore ke bua ka ho hloka, hobane ke ithutile ho kgotsofala maemong afe kapa afe ao ke leng ho ona.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

11 Eseng hore ke bua ka ho hloka, hobane ke ithutile ho kgotsofala maemong afe kapa afe ao ke leng ho ona.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac




BaFilipi 4:11
13 Iomraidhean Croise  

Yaba Jakobo o a ikana, o re: “Haeba Modimo a ka ba le nna, a mpaballa leetong lena leo ke le nkileng, a mpha bohobe ka ja, le diaparo ka apara,


Moshe a utlwisisa ho dula ha monna eo, mme monna eo a mo nea Sefora, moradi wa hae.


Le masole a mmotsa, a re: “Rona re etseng?” A re ho wona: “Le se ka la inkela tsa batho ka mahahapa, leha e le ho ba hatella; le kgotsofalle moputso wa lona.”


Ka ba mesebetsing le makaqabetsing; ka hloka boroko ka makgetlo, ka lapa, ka nyorwa, ka bolawa ke tlala, ka hatsela, ka hlobola.


re le ba swabileng, empa re thabile; re le ba futsanehileng, empa re ruisa ba bangata; re le ba se nang letho, empa re ruile tsohle.


Le tseba kamoo Morena wa rona Jesu Kreste a bileng mohau kateng; leha e ne e le morui, o ile a iketsa mofutsana ka baka la lona, hore ka bofutsana ba hae le tle le be barui.


Modimo o na le matla a ho le atisetsa dineo tsohle tsa hae, e le hore, kamehla, le tle le be le ho lekaneng dinthong tsohle, le be le ngatafallwe haholo, hoo le ka tsebang ho etsa mesebetsi yohle e molemo.


Ho feta mona ke nka tsohle e le tahlehelo, ha ke di bapisa le seo e leng sa bohlokwa, e leng ho tseba Kreste Jesu, Morena wa ka. Ka baka la hae ke tetse tsohle, mme ke di nka e le manyala, e le hore ke tle ke rue Kreste,


Le ile la utlwela batlamuwa bohloko; la dumela ho amohuwa maruo a lona le thabile, le ntse le tseba hore le na le leruo le leng le molemo ho feta, le sa senyeheng.


Lean sinn:

Sanasan


Sanasan