Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -




BaFilipi 1:17 - BIBELE

17 Ba pele bona ba bolela tsa Kreste ka kgang, ka sepheo se sebe, ba hopotse hore ba tla nkekeletsa matshwenyeho ha ke ntse ke le ditlamong.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

Sesotho 1909/1961 (SO)

17 Empa ba bang ba etsa ka lerato, ka ho tseba hoba ke beilwe hore ke emele Evangeli.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

Baasraak Sotho NT

17 Empa ba bang ka lerato, ba ntse ba tseba hore ke beilwe ho sireletsa molaetsa o molemo.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

17 Empa ba bang ka lerato, ba ntse ba tseba hore ke beilwe ho sireletsa molaetsa o molemo.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac




BaFilipi 1:17
16 Iomraidhean Croise  

Ka hona qetelang ka dipelong tsa lona hore ha le na ho itokisetsa boitshireletso ba lona,


“Banna ba heso, le lona bo-ntate, mamelang boikarabello ba ka ho lona.”


Ageripa a re ho Paulosi: “O dumeletswe hore o ipuelle.” Yaba Paulosi o otlolla letsoho, mme a ikarabella, a re:


Yare a sa ntsane a ikarabella, Fesetose a bua ka lentswe le phahameng, a re: “O a lora, Paulosi! Tsebohadi ena ya hao e a o hlantsha!”


Empa ba ithatang bobona, ba sa lateleng nnete, ba mpang ba latela bokgopo, ba tla putswa ka kgalefo le bohale.


Ho nang? Ha feela Kreste a ntse a bolelwa ka mokgwa ofe kapa ofe, e ka ba ka boiketsiso kapa ka nnete, hoo ho a nthabisa, mme ke tla nne ke ho thabele.


Ho a lokela hore ke be le maikutlo a jwalo ka lona bohle, kaha le le pelong ya ka kamehla, lona bohle ba nang le kabelo lehlohonolong la ka, leha ke le ditlamong, leha ke fumane sebaka sa ho buella kapa ho tiisa molaetsa o molemo.


Le se ke la etsa letho ka kgang kapa ka boithoriso ba lefeela, empa ka boikokobetso e mong le e mong wa lona a nke ba bang ba le baholo ho yena.


Ke ka baka lena ke kgethetsweng ho ba sebohodi le moapostola, le moruti wa baditjhaba ya rutang tumelo le nnete; ke bua nnete, e seng leshano.


oo ke hlokofatswang ka baka la wona, ke bileng ke leng ditlamong jwaloka sesenyi. Empa lentswe la Modimo lona ha le a tlangwa.


Ha ke ne ke qala ho ikarabella kgotla, ha ho ya kileng a nkemela, empa bohle ba ile ba ntshabella. E se e ka ba ke ke ba ahlolelwa hoo.


Lean sinn:

Sanasan


Sanasan