Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -




Baefese 6:2 - BIBELE

2 “Hlompha ntatao le mmao.” Ona ke molao wa pele o nang le tshepiso e reng:

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

Sesotho 1909/1961 (SO)

2 Hlonepha ntatao le mmao — ke oo molao wa pele o nang le pallo —

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

Baasraak Sotho NT

2 Hlompha ntatao le mmao; (e leng molao oa pele o nang le tšepiso;)

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

2 Hlompha ntatao le mmao; (e leng molao oa pele o nang le tšepiso;)

Faic an caibideil Dèan lethbhreac




Baefese 6:2
13 Iomraidhean Croise  

“Hlompha ntatao le mmao, e le hore o tle o phele halalele naheng eo Morena Modimo wa hao, a o neang yona.


Haeba motho a rohaka ntatae kapa mmae, bone la hae le tla tingwa hoja ho le lefifi.


Yaba Jeremia o re ho ba morabe wa Barekabe: “Morena wa mabotho, Modimo wa Iseraele, o bua tjena: ‘Kahobane le hlomphile molao wa ntata lona moholo Jonadabe, la boloka ditaelo tsohle tsa hae, la etsa tsohle ho ya kamoo a le laetseng tsona kateng,


Le se ke la haha le matlo, kapa la jala peo, kapa la lema dirapa tsa morara, kapa la ba le e nngwe ya dintho tsena, empa ka matsatsi wohle a bophelo ba lona le iphelele ditenteng, hore le tle le phele halelele naheng eo le e jakileng.’


Baahi ba hao ba nyedisa bo-ntata bona le bo-mma bona, ba hatella moditjhaba, ba hlorisa kgutsana le mohlolohadi.


“Mora o hlompha ntatae, mohlanka le yena o hlompha monga hae. Haeba nna ke le ntata lona, ha le ntlhomphe keng? Haeba nna ke le monga lona, ha le ntshabe keng?” ho rialo Morena wa mabotho. “Lona baprista, ke lona ba tlontlollang lebitso la ka. “Empa le a mpotsa, le re: ‘Re tlontlolotse lebitso la hao jwang?’


Neang bohle tse ba lokelang: molekgetho, lekgetho; mokgafisi, kgafa; ya lokelwang ke tshabo, tshabo; ya lokelwang ke hlompho, hlompho.


“O tla atleha, mme o phele halelele lefatsheng.”


“ ‘Ho rohakehe ya sa hlompheng ntatae kapa mmae.’ “Setjhaba sohle se re: ‘A ho be jwalo!’


“ ‘Hlompha ntatao le mmao, jwalokaha Morena Modimo wa hao, a o laetse, e le hore o tle o phele halelele, o atlehe, naheng eo Morena Modimo wa hao, a o neang yona.


Empa ha mohlolohadi a ena le bana kapa ditloholo, e be bona ba qalang ho ithuta ho phetha ditshwanelo lapeng labo bona, le ho buseletsa batswadi dithuso tsa bona. Hona ho kgahlisa Modimo.


Lean sinn:

Sanasan


Sanasan