Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -




Baefese 2:6 - BIBELE

6 Modimo o re tsositse le Kreste, a re bea mmoho le yena mahodimong.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

Sesotho 1909/1961 (SO)

6 mme o re tsositse hammoho, wa ba wa re dudisa hammoho mahodimong, ho Jesu Kreste;

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

Baasraak Sotho NT

6 O re tsositse hammoho, wa re dudisa le yena dibakeng tsa lehodimo ho Kreste Jesu.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

6 O re tsositse hammoho, wa re dudisa le yena dibakeng tsa lehodimo ho Kreste Jesu.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac




Baefese 2:6
16 Iomraidhean Croise  

Ke a le bolella, ho tloha jwale ha nka ke ka nwa seno se tswang tholwaneng ya morara ho fihlela letsatsing leo ke tla se nwa le lona Mmusong wa Ntate se le setjha.”


Ho lehlohonolo bahlanka bao etlare ha monga bona a fihla, a ba fumane ba fadimehile. Ruri ke a le bolella, ke re: O tla itlama letheka, a ba fepe, a atamele, mme a ba sebeletse.


Ha motho a ntshebeletsa, a ntatele, mme moo ke leng teng, le mosebeletsi wa ka o tla ba hona teng; ha motho a ntshebeletsa, Ntate o tla mo hlompha.”


Ha ke se ke ile, ke le lokiseditse bodulo, ke tla boela ke tle ke le nkele ho nna, hore moo nna ke leng teng, le lona le be hona teng.


Nna Paulosi, moapostola wa Kreste Jesu ka thato ya Modimo, ke dumedisa badumedi ba leng Efese, ba tshepahalang ho Kreste Jesu, ke re:


Ho ke ho bokwe Modimo, Ntata Morena wa rona Jesu Kreste, ya re hlohonolofaditseng ka Kreste ka mahlohonolo wohle a moya, a tswang mahodimong.


Re dibopuwa tsa Modimo, ka Kreste Jesu o re bopetse ho etsa mesebetsi e metle, eo a neng a e lokise e sa le pele hore re tle re e etse.


Empa jwale, kaha le le ho Kreste Jesu, lona bao pele le neng le le hole, le atameditswe ka madi a Kreste.


Hape ke yena hlooho ya mmele, e leng kereke. Ke yena qaleho, ke yena wa pele ya tsohileng bafung, e le hore, dinthong tsohle, e tle e be yena wa pele.


Lean sinn:

Sanasan


Sanasan