Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -




Amose 9:12 - BIBELE

12 e le hore ba tle ba rue masalla a Edomo, le baditjhaba bohle ba bitswang ka lebitso la ka,” ho rialo Morena, yena ya tla etsa tsena.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

Sesotho 1909/1961 (SO)

12 ba tle ba rue ho setseng ha Edomo, le ditjhaba tsohle tse tla bitswa ka lebitso la ka, ho bolela Jehova, yena ya tlang ho etsa tseo.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac




Amose 9:12
17 Iomraidhean Croise  

Ditjhaba di ke di o sebeletse, mme merabe e ke e o kgumamele. Eba morena wa bana beno, bana beno ba o kgumamele. Bohle ba o rohakang ba ke ba rohakehe, mme bohle ba o hlohonolofatsang ba hlohonolofale.”


Isaka a arabela Esau, a re: “Bona, ke mo entse morena wa hao, le bana babo bohle ke mo neile bona ho ba bahlanka ba hae, mme ka mmaballa ka koro le ka veine. Ebe jwale, ngwana ka, nka o etsetsa eng?”


Modimo o buile a le Sehalalelong sa hae, o buile a le ho sona, a re: “Ke nyakaletse, ke tla arola Shekeme, ke sehe kgohlo ya Sukote dikoto.


Ka bophirimela ba tla ubella Filesitiya, ba kopanele tjhaba tsa botjhabela ba di senyetse, ba hape Baedomo le Bamoabe, Baamone bona ba buswe ke bona.


e leng bohle ba ipitsang ka lebitso la ka, bao ke ba bopileng hore ba ntlotlise, bao ke ba bopileng ka ba ka ba etsa.”


Re tshwana le bao o eso ba buse ho tloha kgale, ba eso ka ba bitswa ka lebitso la hao.


“Ke ne nka araba ba sa reng letho ka nna; ke ne nka fumanwa ke ba sa kang ba mpatla. Ho tjhaba se neng se sa nthapele ka re: ‘Ke nna enwa! Ke nna enwa!’


Ke hobaneng o kang motho ya tsielehileng? O kang senatla se sitwang ho re pholosa? Oho, Morena, wena o hara rona, wena o itse re setjhaba sa hao; oho, se re furalle ke hona!


Hoba ke utlwe dipolelo tsa hao, di ile tsa ka bohobe ho nna, ka di ja, ya eba thabo le monyaka wa pelo ya ka, hobane nna ke bitswa ka lebitso la hao, oho, wena Morena, Modimo wa mabotho!


Ke tla rekisa bara le baradi ba lona ho setjhaba sa Juda, mme sona se tla ba rekisetsa Basheba, e leng setjhaba se hole,” ho rialo Morena.


Baedomo ba ka nna ba re: “Leha re ripitlilwe, re tla boela re tsosa dithako tsa rona,” empa Morena wa mabotho o bua tjena: “Ba tla haha, empa nna ke tla heletsa. Ba tla bitswa Naha e Kgopo, ba bitswe setjhaba seo Morena a se halefelang kamehla.”


hore batho bohle ba tle ba batle Morena, esita le baditjhaba bohle ba reng ka nna,’ “ho rialo Morena ya etsang tsena,


tse tsebilweng ho tloha mehleng ya boholoholo.


Lean sinn:

Sanasan


Sanasan