Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -




Amose 7:9 - BIBELE

9 “Dibaka tsa borapedi tsa Isaka, di tla heletswa, le dihalalelo tsa Iseraele di fetolwe masupi; ke tla futuhela ntlo ya Jeroboame, ke e futuhele ka sabole ya ka.”

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

Sesotho 1909/1961 (SO)

9 Nqalo tse diphahameng tsa Isaaka di tla senngwa, le nqalo tse kgethehileng tsa Iseraele di fediswe, mme ke tla phahamela ntlo ya Jeroboame ka lerumo.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac




Amose 7:9
16 Iomraidhean Croise  

Yaba Iseraele o a falla, o nka tsohle tseo a nang le tsona, mme ha a fihla Beeresheba, a etsetsa Modimo wa ntatae Isaka mahlabelo.


Jeroboame a etsa bobe mahlong a Morena, a se ke a tlohela le se seng sa dibe tsa Jeroboame, mora wa Nebate, ya ileng a etsa hore Baiseraele ba sitelwe Morena.


Ke hobaneng ha ba kgopo ba futuhetse Sehalalelo sa hao, dira tsa rona di hataketse baka se halalelang sa hao.


“Re dihlong, hoba re utlwile tse re nyatsang, fahleho tsa rona di aparetswe ke maswabi; hoba baditjhaba ba kene dibakeng tse halalelang, ba kene ka Sehalalelong sa Tempele ya Morena.”


o re: ‘Lona dithaba tsa Iseraele, mamelang lentswe la Morena Modimo. Morena Modimo o bua tjena ho dithaba le ho maralla, le ho dinoka le ho dikgohlo: Nna ka sebele sa ka, ke tla le bolaya ka sabole, mme ke fedise dibaka tsa lona tsa borapedi.


Dibaka tsa borapedi, tsa Afene, di tla fediswa, tsona tseo Iseraele a etsetsang sebe ho tsona, aletare tsa bona di mele meutlwa, di mele tshehlo. Ba tla re ho dithaba: “Re kgurumetseng!” Ho maralla ba re: “Re weleng hodimo!”


“Mohla ke otlang Baiseraele, ke ba otlela dibe tsa bona, ke tla heletsa dialetare, aletare tsa Bethele; manakana a aletare a tla kgaolwa, a kgaolwe, a be a wele fatshe.


Le se mpatle Bethele, le Gilegale le se kene, leha e le ho fetela Beeresheba, hoba Gilegale e tla fela e thoptjwe, Bethele yona e fetohe nanaola.”


Amose o bua tjena: “ ‘Jeroboame o tla bolawa, a bolawe ka sabole, ruri Baiseraele ba tla thopuwa, ba thopelwe hole, hole le naha ya habo bona.’ ”


O se hlole o porofetela mona Bethele, hobane sena ke sehalalelo sa kgosi le tempele ya mmuso.”


Ba hlapanyang ka medingwana ya Samaria, kapa ba reng: ‘Ka modimo wa hao, ya phelang, wena Dane,’ kapa ba reng: ‘Ka modimo ya phelang, modimo wa Beeresheba,’ ba tla wa, ba sa tlohlola ba tsoha.”


Ka bona Morena a eme pela aletare, a re: “Pshatla hlooho tsa ditshiya, dikosene di sisinyehe, mathule a pshatlehele hodima hlooho tsa bohle, masalla wona ke tla a bolaya ka sabole; ha ho le ya mong ya tla baleha, ha ho le ya mong ya tla phonyoha.


Tsena tsohle di bakilwe ke dibe tsa Jakobo, di bakilwe ke dibe tsa ntlo ya Iseraele. Dibe tsa Jakobo di bakilwe ke mang? Di bakilwe ke baahi ba Samaria. Ho kgumamela medingwana ho bakilwe ke mang Judea? ho bakilwe ke baahi ba Jerusalema.


Lean sinn:

Sanasan


Sanasan