Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -




2 Samuele 8:5 - BIBELE

5 Ha Baarame ba Damaseka ba eya ho ya thusetsa Hadade-Esere, kgosi ya Soba, Davida a bolaya banna ba Baarame ba dikete tse mashome a mabedi.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

Sesotho 1909/1961 (SO)

5 Basiria ba Damaseka ba ne ba tlile ho tlatsa Hadadesere, morena wa Tsoba; Davida a bolaya Basiria ba kete tse mashome a mabedi a metso e mmedi.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac




2 Samuele 8:5
9 Iomraidhean Croise  

Ha Baamone ba bona hore ba kgopisitse Davida, ba ya hira Baarame ba ahileng Bete-Rehobe, le ba ahileng Soba. E ne e le banna ba ditaaso ba dikete tse mashome a mabedi. Kgosi ya Maaka yona e ne e ena le banna ba sekete, ha banna ba Tobe bona ba ne ba le dikete tse leshome le metso e mmedi.


Davida a hlola Hadade-Esere, mora wa Rehobe, kgosi ya Soba, ha Hadade-Esere a ne a ilo tsosa puso ya hae pela noka ya Euferatese.


Modimo ha a halefile eba o halefile, mahlahana a Rahaba a tjapaletse maotong a hae.


Baegepeta ke batho ba nama, hase modimo, pere tsa bona ke tsa nama, hase tsa moya. Ha Morena a otlolla tsoho la hae, ya thusetsang o a kgothometseha, ya thusetswang ebe yena o a wa, bobedi ba bona ebe ba a timela.


hobane Damaseka ke motsemoholo wa Arame, hlooho ya Damaseka ke Resine feela. Ho eso fete lemo tse mashome a tsheletseng a metso e mehlano, morabe wa Efraime o tla bo so senyehile, e se e se setjhaba.


Lean sinn:

Sanasan


Sanasan