Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -




2 Samuele 6:16 - BIBELE

16 Ha areka ya Morena e kena Motseng wa Davida, Mikale, moradi wa Saule, a sheba ka fesetere, mme a bona kgosi Davida a ntse a tlala, a etsa menyakwe kapele ho Morena; a mo nyedisa ka pelong ya hae.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

Sesotho 1909/1961 (SO)

16 Areka ya Jehova ha e fihla motseng wa Davida, Mikale, moradi wa Saule, ha a nyarela ka fensetere, a bona morena Davida a tlolaka, a hobela pela Jehova, mme a mo nyedisa ka pelong ya hae.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac




2 Samuele 6:16
12 Iomraidhean Croise  

Yaba Davida o roma maqosa ho Ishe-Boshete, mora wa Saule, o re: “Nnee mosadi wa ka Mikale, eo ke neng ke mo nyale ka maeko a lekgolo a Bafilesita.”


Leha ho le jwalo, Davida a hapa qhobosheane ya Sione, e leng yona motse wa Davida.


Yaba Davida le bohle ba ntlo ya Iseraele, ba nyolla areka ya Morena ka mehoo le ka ho letsa lenaka.


Ha Davida a kgutlela lapeng ho ya hlohonolofatsa lelapa la hae, Mikale, moradi wa Saule, a tswa ho kgahlanyetsa Davida, mme a re: “Kajeno kgosi ya Iseraele ya tla ya itlhompha bo! E ile ya ipeketla kapele ho makgabunyane a bahlanka ba yona, jwaloka e mong wa bafo ha a ipeketla a se na dihlong!”


Yare ha areka ya selekane sa Morena e kena Motseng wa Davida, Mikale, moradi wa Saule, a sheba ka fesetere, a bona Davida a tlala, a etsa menyakwe, mme a mo nyedisa.


Re hauhele Morena, re hauhele, hobane re nyedisitswe, ra nyediswa ho feta tekanyo.


Ba o tshepileng ba se hlajwe ke dihlong, ka baka la ka, Morena, Morena wa mabotho; ba o batlang ba se ke ba ferekana, ka baka la ka, Modimo wa Iseraele.


O ile a nyediswa, a furallwa ke batho, ya eba motho wa mahlomola, ya tsebang mahloko. A tshwana le eo batho ba tshabang le ho mo tadima; o ile a nyediswa, ra se ke ra mo natsa.


Empa ba bang ba ba soma, ba re: “Ba tahilwe ke veine.”


Motho ya buswang ke botho ha a amohele tsa Moya wa Modimo, hobane ho yena tseo ke bothoto. Le ho di tseba a ke ke a di tseba, hobane di hlalohanngwa ka Moya o Halalelang feela.


Saule a re ho Davida: “Merabe, moradi wa ka wa matsibolo, ke enwa, ke o nea yena hore e be mosadi wa hao. Feela wena o be mohlabani wa ka ya sebete, o lwane dintwa tsa Morena.” Ka pelong ya hae Saule o ne a re: “A se ke a bolawa ke nna, a mpe a bolawe ke Bafilesita.”


Jwale Mikale, moradi wa Saule, o ne a rata Davida. Batho ba bolella Saule, mme hoo ha mo thabisa.


Lean sinn:

Sanasan


Sanasan