Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -




2 Samuele 3:14 - BIBELE

14 Yaba Davida o roma maqosa ho Ishe-Boshete, mora wa Saule, o re: “Nnee mosadi wa ka Mikale, eo ke neng ke mo nyale ka maeko a lekgolo a Bafilesita.”

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

Sesotho 1909/1961 (SO)

14 Davida a romela manqosa ho Ishe-Boshethe, mora Saule, a re: Nnee Mikale, mosadi wa ka, eo ke inyaletseng yena ka lekgolo la mengala ya Bafilesta.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac




2 Samuele 3:14
7 Iomraidhean Croise  

Ha Ishe-Boshete, mora wa Saule, a qala ho busa naha ya Iseraele, o ne a ena le dilemo tse mashome a mane, mme a busa ka dilemo tse pedi. Ba morabe wa Juda ke bona feela ba ileng ba latela Davida.


Ishe-Boshete a roma maqosa, a amoha Paletiele, mora wa Laishe, mosadi wa hae Mikale.


Ha areka ya Morena e kena Motseng wa Davida, Mikale, moradi wa Saule, a sheba ka fesetere, mme a bona kgosi Davida a ntse a tlala, a etsa menyakwe kapele ho Morena; a mo nyedisa ka pelong ya hae.


Tswalo ya Jesu Kreste e bile jwaana: Mmae Maria, ha a se a lebeleditswe ke Josefa, ba eso ka ba phela mmoho, a fumaneha e le moimana ka matla a Moya o Halalelang.


Yaba Saule o re: “Le tle le bolelle Davida tjena: ‘Kgosi ha e batle bohadi, e ipatlela feela maeko a lekgolo a Bafilesita, hore kgosi e iphetetse ho dira tsa yona.’ ” Saule o ne a hopola hore hoo ho tla etsa hore Davida a bolawe ke Bafilesita.


Davida a tsoha, a tsamaya le banna ba hae, a bolaya Bafilesita ba makgolo a mabedi. Davida a tlisa maeko a Bafilesita, a a nea kgosi, palo ya wona e feletse, hore e tle e be mokgwenyana wa kgosi. Jwale Saule a mo nea Mikale, moradi wa hae, hore e be mosadi wa hae.


Saule o ne a ile a nka moradi wa hae Mikale, mohatsa Davida, a mo nea Paleti, mora wa Laishe, ya neng a ahile Galeme.


Lean sinn:

Sanasan


Sanasan