Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -




2 Samuele 24:16 - BIBELE

16 Eitse ha lengeloi le otlollela letsoho hodima Jerusalema ho e timetsa, Morena a hauha ha a nahana koduwa eo, mme a re ho lengeloi le neng le timetsa batho: “Ho lekane! Kgaotsa!” Lengeloi leo la Morena le ne le le seotlong sa Arauna wa Mojebuse.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

Sesotho 1909/1961 (SO)

16 Lengeloi, eitse ha le lebisa letsoho la lona nqa Jerusalema hore le bolaye ba teng, Jehova a ba utlwela bohloko ka baka la tshenyeho, a re ho lengeloi le bolayang setjhaba: Ho lekane; honyetsa letsoho la hao jwale! Ke ha lengeloi la Jehova le ne le eme pela seotlo sa Arauna Mojebuse.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac




2 Samuele 24:16
37 Iomraidhean Croise  

le Bajebuse, le Baamore, le Bagirigashe,


Morena a swaba ha a ile a etsa motho lefatsheng, pelo ya hae ya utlwa bohloko.


Ka lona letsatsi leo Gade a fihla ho Davida, a re ho yena: “Nyolohela seotlong sa Arauna wa Mojebuse, o hahele Morena aletare hona teng.”


Ka lona letsatsi leo Davida a re: “Mang kapa mang ya ratang ho bolaya Mojebuse, eka kgona a nyolohe ka mosele wa metsi, a bolaye dihlotsa tseno le difofu tseno, e leng tsona dira tse kgolo tsa Davida.” Ke ka hona ba reng: “Difofu le dihlotsa di ke ke tsa kena motseng.”


Elia yena a qeta letsatsi a ntse a tsamaya hara lehwatata. A fihla a dula tlasa sehlahla sa tshinabele, a ikopela hore a shwe, a re: “Ho lekane! Oho, Morena, nka moya wa ka jwale, hobane ha ke fete bo-ntate ka letho!”


Ka bona bosiu boo, lengeloi la Morena la tswa, la ya diahelong tsa Baasiria, la bolaya Baasiria ba dikete tse lekgolo le mashome a robedi a metso e mehlano. Ha bosiu bo wela fatshe, kaofela ha bona ya be e se e le ditopo.


le Bajebuse, le Baamore, le Bagirigashe,


Jwale Solomone a qala ho haha Tempele ya Morena, Jerusalema, thabeng ya Moria, seotlong sa Orenane wa Mojebuse, moo Morena a neng a iponahatse teng ho Davida, ntatae; e leng sebaka seo Davida a neng a se kgethe.


Morena a romela lengeloi, le ileng la ya diahelong tsa kgosi ya Asiria, la bolaya bahale bohle, le baetapele, le balaodi. Saneheribe a kgutlela naheng ya hae ka dihlong. Yare ha a kena ka tempeleng ya modimo wa hae, bara ba tswetsweng ke yena ba fihla ba mmolaya ka sabole.


Morena o tla ahlola, a ahlolele setjhaba sa hae, mme a qenehele bahlanka ba hae.


Tsela ya bona e ke e fifale, e thelle, ha lengeloi la Morena le ba lelekisa.


Empa yena, ka ho ba utlwela bohloko, a ba tshwarela molato wa bona, a se ke a ba timetsa; ka makgetlo a kokobetsa kgalefo ya hae, bohale ba hae ba se ke ba tlokoma.


Ako boele o re hopole, Morena! O tla dieha ho fihlela neng? Qenehela bahlanka ba hao. E sa le hoseng,


Madi ana e tla ba letshwao la lona, matlung ao le leng ho wona; etlare ha ke bona madi ke fete, mme ha ho sewa se tla le wela hodimo ho le timetsa, ha ke otla naha ya Egepeta.


Morena o tla tsamaya hara Egepeta, a bolaye Baegepeta, empa ha a bona madi koseneng e kahodimo, le ho tse pedi tse ka mahlakoreng, Morena o tla feta monyako, a se dumelle Motimetsi hore a kene ka matlung a lona, ho le bolaya.


Yaba Morena o fetola morero wa hae wa ho timetsa setjhaba sa hae.


Nthapelleng ho Morena. Letolo lena la Modimo le sefako, di feta tekanyo; ke tla le lokolla, mme le ke ke la hlola le dula mona.”


O mo otlile ka ho mo lelekela naheng esele, wa mo fefola ka moya o matla, jwaloka mohla moya wa botjhabela o fokang.


Ha ke na ho qosa kamehla yohle, kapa hona ho halefa kamehla, ho seng jwalo ba kapele ho nna ba ka tepella, e leng batho bao ke ba bopileng.


“Na Hesekiya, kgosi ya Juda, le bohle ba morabe wa Juda, ba ne ba mmolaye? Na Hesekiya ha a a ka a tshaba Morena, a ithapella ho Morena? Na Morena ha a a ka a hauha, a se ke a ba tlisetsa koduwa eo a neng a ba reretse yona? Re lekgatheng la ho itlisetsa koduwa e tshabehang!”


‘Haeba le ka nna la phela naheng ena, ke tla le bopa, ke se ke ka le qhalanya; ke tla le tsitsisa, ke se ke ka le diha, hobane ke inyatsetsa koduwa eo ke ileng ka e dihela hodima lona.


Yaba Morena o a hauha, o re: “Sena se ke ke sa etsahala,” ho rialo Morena.


Yaba Morena Modimo o a hauha, o re: “Le sena se ke ke sa etsahala,” ho rialo Morena Modimo.


Morena, botumo ba hao ke bo utlwile, le yona mesebetsi ya hao ke a e tshaba, Morena. Ako e ntjhafatse mehleng ena ya rona, o etse hore e tsejwe bophelong ba rona, leha o halefile o nno hopole ho hauhela.


Nama e madi, eo ba e jang, ke tla e fedisa, le nama tse ilehang tsa bona ke di fedise. Ba setseng e tla ba ba Modimo wa rona, le bona ba tshwane le ba morabe wa Juda, ba Ekerone bona ba tshwane le Bajebusi.


Ha a kgutlela ho bona kgetlo la boraro, a re ho bona: “Na le sa ntse le robetse, le phomotse? Ho lekane. Nako e fihlile. Bonang, Mora Motho o neelwa matsohong a baetsadibe.


Hanghang lengeloi la Morena la mo otla, kahobane a sa ka a hlompha Modimo, mme a jewa ke diboko, a shwa.


Hape le se ke la dumaduma, jwalokaha le ba bang ba bona ba ile ba dumaduma, mme ba timetswa ke Motimetsi.


Ho lekane hore ebe ya jwalo o etseditswe kotlo ke bongata ba lona.


Ha e le Bajebuse bona, e leng baahi ba Jerusalema, bana ba Juda ba ile ba sitwa ho ba leleka. Ke ka baka leo le kajeno-ya-bokajeno, Bajebuse ba ntseng ba ahile Jerusalema, mmoho le bana ba Juda.


Bana ba Benjamine ba se ke ba leleka Bajebuse bao e neng e le baahi ba Jerusalema, empa Bajebuse ba aha hara bana ba Benjamine ho fihlela kajeno-ya-bokajeno.


Ha ba fihla Jebuse letsatsi le ne le se le ile, mme mohlanka a re ho monga hae: “Tloo, ke a o rapela: Re ke re fapohele motseng ona wa Bajebuse, re robaletse teng.”


“Ke a itshwabela ha e le mona ke ile ka etsa hore Saule e be kgosi, hobane o mphuraletse, ha a ya phetha seo ke mo laetseng sona.” Hona ha halefisa Samuele, mme a ipiletsa ho Morena bosiu bohle.


Lean sinn:

Sanasan


Sanasan