Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -




2 Samuele 2:9 - BIBELE

9 A mmea hore e be kgosi ya Gileade, le ya Ashehure, le ya Jesereele, le ya Efraime, le ya Benjamine, e, le ya naha yohle ya Iseraele.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

Sesotho 1909/1961 (SO)

9 Teng, a mmea morena wa Gileade, le wa Bageshure le wa Jisreele, le wa Efraime, le wa Benjamine, le wa Baiseraele bohle.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac




2 Samuele 2:9
19 Iomraidhean Croise  

Lea a re: “Nna ke lehlohonolo. Basadi ba tla mpitsa ya lehlohonolo!” Yaba o mo rea lebitso la Ashere.


Ha Ishe-Boshete, mora wa Saule, a qala ho busa naha ya Iseraele, o ne a ena le dilemo tse mashome a mane, mme a busa ka dilemo tse pedi. Ba morabe wa Juda ke bona feela ba ileng ba latela Davida.


Ha ntwa e ntse e lwana pakeng tsa ntlo ya Saule le ntlo ya Davida, Abinere a iponahatsa e le yena ya matla ho ba ntlo ya Saule.


Ba morabe wa Benjamine, bao e neng e le bang ka Saule, ba ne ba le dikete tse tharo. Ho fihlela ka nako eo, bongata ba bona bo ne bo ntse bo le ka lehlakoreng la Saule.


Ba morabe wa Efraime e ne e le bahale ba dikete tse mashome a mabedi le makgolo a robedi, ba tumileng malapeng abo bona.


Modimo o buile a le sehalalelong sa hae, a re: “Ke nyakaletse, ke tla arola Shekeme, ke sehe kgohlo ya Sukote dikoto.


Ha balwa bana ba Ashere ho ya ka meloko ya bona, le ka malapa abo bona, le ka matlo a bo-ntata bona; le ho ya ka mabitso a banna bohle bao e ka bang bahlabani, ho tloha ka ba dilemo tse mashome a mabedi ho ya hodimo.


Moedi wa naha ya bana ba Efraime, ho ya ka malapa abo bona, ya eba ona: Ka botjhabela moedi wa naha ya bona o ne o tloha Atarote-Adare, o ya fihla Bete-Horone e hodimo.


Ho tloha Tapua moedi o ne o leba bophirimela, ho ya fihla molatswaneng wa Kana, o yo fella lewatleng. Ena ke yona naha ya morabe wa bana ba Efraime, ho ya ka malapa abo bona;


hammoho le metse, le metsana yohle, e neng e abetswe bana ba Efraime, e fumanwa hara naha eo e neng e le lefa la bana ba Manase.


Lotho la abela morabe wa Manase naha, hobane e ne e le letsibolo la Josefa. Ha e le Makiri, letsibolo la Manase, ntata Gileade, o ile a abelwa naha ya Gileade, le ya Bashane, hobane e ne e le mohlabani.


Ba morabe wa Benjamine, ho ya ka malapa abo bona, lotho la ba abela naha e pakeng tsa bana ba Juda le bana ba Josefa.


Ka botjhabela moedi e ne e le Jorodane. Ena ke yona naha ya morabe wa bana ba Benjamine, le meedi ya yona, ho ya ka malapa abo bona.


Moedi wa bona o ne o fihla Jesereele, le Kesulote, le Shuneme,


Bana ba Rubene, le bana ba Gade, le ba karolo e nngwe ya morabe wa Manase, ba tloha ho bana ba Iseraele, Shilo, e naheng ya Kanana, ba ya naheng ya bona ya Gileade, eo ba neng ba e newe ke Moshe ka taelo ya Morena.


Baashere ba aha hara Bakanana, e leng baahi ba naha, hobane ha ba a ka ba ba leleka.


Bafilesita ba kgobokanyetsa mabotho a bona wohle Afeke. Baiseraele bona ba hloma haufi le sediba se Jesereele.


Lean sinn:

Sanasan


Sanasan