Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -




2 Samuele 2:28 - BIBELE

28 Yaba Joabe o letsa lenaka, mme batho bohle ba ema tlekelele! Ba se ke ba hlola ba phaladisa Baiseraele, mme ba se ke ba hlola ba ba lwantsha.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

Sesotho 1909/1961 (SO)

28 Yaba Joabe o letsa terompeta, mme batho bohle ba hae ba ema, ba se ke ba hlola ba phallela Baiseraele, leha e le ho lwana.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac




2 Samuele 2:28
5 Iomraidhean Croise  

Yaba Joabe o letsa lenaka, mme bahlabani ba kgaotsa ho phaladisa Baiseraele, hobane Joabe o ne a se a ba thibile.


Joabe a re: “Ke hlapanya ka Modimo ya phelang, hojane wa se ke wa bua, monna e mong le e mong o ne a ke ke a tlohela ho ngwanyamisa ngwanabo ho fihlela ha bo esa.”


Jwale mosadi eo, ka bohlale ba hae, a ya bua le setjhaba sohle sa habo. Setjhaba sa kgaola hlooho ya Sheba, mora wa Bikiri, sa e akgella Joabe. Yaba Joabe o letsa lenaka, mme bahlabani ba qhalana, monna ka mong a ikela lapeng la hae. Jwale Joabe a kgutlela Jerusalema, ho kgosi.


Ntwa ya eba telele pakeng tsa ntlo ya Davida le ntlo ya Saule. Davida a nna a tswela pele ho matlafala, empa ntlo ya Saule yona ya nna ya fokola hoyahoile.


Jonathane a hlola lebotho la Bafilesita le neng le le Gibea. Bafilesita ba utlwela taba ena. Saule a laela hore ho letswe lenaka naheng yohle, a re: “Baheberu ha ba ke ba mamele!”


Lean sinn:

Sanasan


Sanasan