Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -




2 Samuele 19:20 - BIBELE

20 Mohlanka wa hao o a tseba hore o sitilwe; ka baka leo, ke tlile kajeno, ke le wa pele hara bohle ba morabe wa Josefa, hore ke theohe, ke tlo kgahlanyetsa monga ka, kgosi ya ka.”

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

Sesotho 1909/1961 (SO)

20 hobane, ke le mohlanka wa hao, ke tseba hobane ke sitilwe; ke ka baka leo ke fihlileng kajeno ke le wa ho qala ho bohle ba ntlo ya Josefa, ho kgahlanyetsa morena, monga ka.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac




2 Samuele 19:20
12 Iomraidhean Croise  

Iseraele o otlolla letsoho la hae le letona, a le bea hodima hlooho ya Efraime, leha e ne e le e monyenyane; a bea le letshehadi hodima hloho ya Manase, a fapantse matsoho, hobane Manase e ne e le yena letsibolo.


Ka lona letsatsi leo a ba hlohonolofatsa, a re: “Baiseraele ba tla hlohonolofatsana, ba hlohonolofatsane ka lona, ba re: ‘Modimo a ke a ba atlehise, a ba atlehise jwaloka Efraime le Manase.’ ” Ka mokgwa o jwalo a eteletsa Efraime kapele ho Manase.


Ha kgosi Davida a fihla Bahurime, a bona ho etla monna wa lelapa la ntlo ya Saule, lebitso la hae e le Shimei, mora wa Gera. A tla a ntse a hlapaolana.


Jwale Abishai, mora wa Seruya, a araba, a re: “Eka kgona Shimei a bolaelwe taba ena, hobane o ne a hlapaole motlotsuwa wa Morena!”


Setjhaba sohle sa Iseraele, ho ya ka merabe ya sona, se ne se ngangisana ka bosona, se re: “Kgosi e re namoletse matsohong a dira tsa rona; e re pholositse le matsohong a Bafilesita, empa jwale e siile naha, e balehile Abosalome.


Ha setjhaba sohle se utlwa hore Jeroboame o boetse o kgutlile, sa mmitsetsa pitsong, sa mmea hore e be kgosi ya Baiseraele bohle. Ha se ke ha eba le ya mong ya ileng a latela lelapa la Davida, haese ba morabe wa Juda feela.


Jeroboame a haheletsa motse wa Shekeme, o naheng e maralla ya Efraime, mme a aha teng. A tloha moo, a ya haheletsa motse wa Penuele.


Wena moahi ya phelang Lebanone, ya phelang tlung e hahilweng ka dikedare, o tla dumaela hakae ha mahlaba a o fihlela, mahlaba a kang a mosadi, mosadi a kena tlung!


Ke tla tsamaya ke ikgutlelle haeso, ho fihlela ba dumela molato wa bona, ba o dumela, ba bile ba mpatla. Matshwenyehong a bona ba tla mpatla, ba mpatlisise.”


Tsa Efraime ke di tseba sethapo, tsa Iseraele hase bofihla ho nna. Wena Efraime, o etsa bootswa, Iseraele yena o itshilafaditse.”


Lean sinn:

Sanasan


Sanasan