Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -




2 Samuele 19:16 - BIBELE

16 Shimei, mora wa Gera wa Mobenjamine, ya tswang Bahurime, a theoha le banna ba morabe wa Juda ka potlako ho ya kgahlanyetsa kgosi Davida.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

Sesotho 1909/1961 (SO)

16 Shimei, mora Gera, Mobenjamine wa Bahurime, a phakisa a ya le batho ba Juda ho kgahlanyetsa morena Davida.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac




2 Samuele 19:16
8 Iomraidhean Croise  

Paletiele a tsamaya a ntse a lla, a setse mosadi wa hae morao, a ba a ya fihla Bahurime. Abinere a re ho yena: “Kgutlela hae!” Yaba Paletiele o a kgutla.


“O se ke wa lebala Shimei, mora wa Gera wa Mobenjamine, ya tswang Bahurime, ya neng a nkgahlanyetse Jorodane. O ne a nkgahlanyetse ka mahlapa a tshabehang, mohla ke neng ke eya Mahanaime. Ke ne ke mo hlapanyetse ka lebitso la Morena, ka re: ‘Nke ke ka o bolaya.’


Satane a araba Morena, a re: “Letlalo ke thebe ya pelo! Motho a ka tela tsohle tseo a nang le tsona, hore a ipholose.


“O utlwane kapelepele le eo le tsekisanang le yena le sa ntse le le tseleng, esere mohlomong ya o tsekisang a o neela moahlodi, moahlodi a o neela lepolesa, wa hlahlelwa tjhankaneng;


“O tla theohela Gilegale o nketeletse pele; le nna ke tla theohela ho wena, ho tla etsa dinyehelo tsa setjheso, le ho etsa mahlabelo a dinyehelo tsa teboho. O tla nkemela ka matsatsi a supileng, ho fihlela ke fihla ho wena, mme ke tla o tsebisa seo o tla se etsa.”


Lean sinn:

Sanasan


Sanasan