Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -




2 Samuele 19:14 - BIBELE

14 Kgosi ya hapa dipelo tsa banna bohle ba morabe wa Juda, ba eba ntsweleng, hoo ba bileng ba romela molaetsa ho yona, ba re: “Kgutla, wena le bahlanka bohle ba hao.”

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

Sesotho 1909/1961 (SO)

14 A sekamisa jwalo pelo tsa banna bohle ba Juda, jwaloka hoja ke motho a le mong. Ba romela ke hona ho morena, ba re: Kgutla, wena le bahlanka ba hao bohle.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac




2 Samuele 19:14
8 Iomraidhean Croise  

Abosalome a bea Amasa ditulong tsa Joabe, hore e be molaodi wa mabotho. Amasa e ne e le mora wa monna wa Moishemaele, ya neng a bitswa Jitera. Mmae e ne e le Abikale, moradi wa Nahashe, e leng moena wa Seruya, mma Joabe.


Kgosi ya re ho Amasa: “Nkepele pitso ya banna ba morabe wa Juda, mme kamora matsatsi a mararo o be o le mona.”


“O nnamoletse meferefereng ya setjhaba, wa nketsa mmusi wa ditjhaba, ditjhaba di a ntshebeletsa, ditjhaba tseo ke neng ke sa di tsebe.


Modimo a ke a otle Abinere tjena, le ho feta, haeba nke ke ka etsetsa Davida seo Modimo a mo hlapanyeditseng sona,


Merabe yohle ya Baiseraele ya ya ho Davida a le Heborone, ya bua, ya re: “Bona, re bana beno.


Jwale bongata ba ba dumetseng ba eba pelonngwe le moyamong, mme ha se ke ha eba le ya mong ya reng tseo a nang le tsona ke tsa hae a le inotshi, empa tsohle ba di kopanela.


Bana bohle ba Iseraele, ho tloha Dane ho ya fihla Beeresheba, le naheng ya Gileade, ba tsamaya. Setjhaba sa phuthehela Misepa ho Morena, sa iketsa kgokanyana phiri.


Lean sinn:

Sanasan


Sanasan