Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -




2 Samuele 16:21 - BIBELE

21 Ahitofele a re ho Abosalome: “Eya o kene dikobong tsa basadi ba ntatao ba mafielo, bao a ba siileng hore ba hlokomele lelapa. Ha Baiseraele ba utlwa hore o kgopisitse ntatao, balatedi ba hao bohle ba tla tiya moko.”

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

Sesotho 1909/1961 (SO)

21 Akitofele a re ho Absalome: Kena ho direthe tsa ntatao, tseo a di siileng hore di lebele ntlo; etlare Baiseraele bohle ha ba utlwa hobane o ikentse ya nkgang ho ntatao, matsoho a bohle ba tlileng ho wena a tla tiiswa.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac




2 Samuele 16:21
22 Iomraidhean Croise  

Yaba Jakobo o re ho Simeone le Levi: “Le ntliseditse tsietsi ka ho ntlhobohanya le baahi ba naha ena, e leng Bakanana le Baperise. Palo ya batho ba ka e a fokola, mme haeba ba ka ikopanya, ba ntwantsha, nna le ba ntlo ya ka re tla timetswa.”


Ha Iseraele a ntse a ahile naheng eo, Rubene a ya robala le Bileha, mosadi wa ntatae wa lefielo, mme Iseraele a tseba taba eo. Jakobo o ne a ena le bara ba leshome le metso e mmedi kaofela.


A fapohela ho yena kathoko ho tsela, mme a re: “Tloo, re robale le wena.” O ne a sa tsebe hore ke ngwetsi ya hae. Tamare a re: “O tla nneang, e le hore o tle o kene dikobong tsa ka?”


Ka yona nako eo, le kamora moo, diqhobane tsa eba teng lefatsheng, ha bara ba Modimo ba bokana le baradi ba batho, ba tswala bana le bona. Bana bao ke tsona dinatla tsa boholoholo tse tumileng haholo.


Ha Baamone ba bona hore ba kgopisitse Davida, ba ya hira Baarame ba ahileng Bete-Rehobe, le ba ahileng Soba. E ne e le banna ba ditaaso ba dikete tse mashome a mabedi. Kgosi ya Maaka yona e ne e ena le banna ba sekete, ha banna ba Tobe bona ba ne ba le dikete tse leshome le metso e mmedi.


“Morena o bua tjena: ‘Bona, ke tla o hlahisetsa bobe kahare ho ntlo ya hao. Ke tla nka basadi ba hao moo o ntseng o bona, ke ba nee ya ahisaneng le wena, mme eo o tla robala le bona letsatsi le tjhabile.


Jonadabe a re ho yena: “Tsamaya o yo robala, o ikudise; e tle ere ha ntatao a tlilo o hlwela o re ho yena: ‘Ntate, ke a o kopa: Ere kgaitsedi ya ka Tamare a ke a tle kwano, a tlo ntokisetsa dijo ke ntse ke mo shebile, a nngwathele ka letsoho la hae, ke je.’ ”


Kgosi ya tswa motseng le bohle ba lelapa la yona, ya siya basadi ba leshome, bao e neng e le basadi ba mafielo ba yona, hore ba hlokomele lelapa.


Jwale Abosalome a re ho Ahitofele: “Ako re eletse hore na re etse jwang.”


Hushai a re ho Abosalome: “Ha e le kajeno, keletso ena ya Ahitofele ha e ntle.”


Ka baka leo, matlafalang, le be bahale le hoja monga lona Saule a shwele, ba morabe wa Juda ba se ba ntlotsitse hore ke be kgosi ya bona.”


Ha Davida a fihla ha hae Jerusalema, a nka basadi ba hae ba mafielo ba leshome, bao a neng a ba siile hae hore ba hlokomele lelapa la kgosi, a ba kwalla ka tlung, a ba beela molebedi. Davida a ba fepa, empa a se ke a kopanela dikobo le bona. Ba dula ba kwaletswe jwalo, ho fihlela ba eshwa, eka ke bahlolohadi.


Resone ya eba sera sa Solomone ka nako yohle ya bophelo ba Solomone, mme a eketsa dikgathatso hodima tse bakilweng ke Hadade. Yena Resone eo, ya neng a nyonya Baiseraele, ya eba kgosi ya Arame.


Adoniya a re: “Ke a o rapela: Ako mpuele le kgosi Solomone, hobane ha a na ho o swetsa: o re a ke a mphe Abishake wa Moshuneme, e be mosadi wa ka.”


Kgosi Solomone a araba, a re ho mmae: “Ke ka lebaka lang o kopang hore Adoniya a newe Abishake wa Moshuneme? Hoja wa hla wa mo kopela le wona mmuso, hobane ke moholwane wa ka; e bile le moprista Abiatare, le Joabe, mora wa Seruya, ke ba lehlakore la hae.”


“ ‘O se ke wa kena dikobong tsa mosadi wa ntatao, hobane hoo ke ho tlontlolla ntatao.


“ ‘Haeba monna a tlontlolla ntatae ka ho kena dikobong tsa mosadi wa ntatae, monna eo le mosadi eo wa ntatae, ruri bobedi ba bona ba tla bolawa, mme ba tla be ba bolawa ka baka la molato wa bona.


Lona ba ntlo ya Juda le ba ntlo ya Iseraele, le bile sesupo sa thohako ho ditjhaba tsohle; jwale ke tla le pholosa, le tle le be sesupo sa tlhohonolofatso. Betang dipelo! Se tshabeng letho!”


Ha e le nnete, ho utlwahala hore bohlola bo teng hara lona. Ke bohlola ba mofuta o ke keng wa eba teng le hara bahedene, e leng ba motho ya kenelang mohatsa ntatae.


Baiseraele bohle ha ba utlwa ho thwe Saule o hlotse lebotho la Bafilesita, le hore Bafilesita ba hloile Baiseraele, setjhaba sa phuthehela ho Saule a le Gilegale.


Akishe a kgolwa Davida, a re: “O entse hore setjhaba sa habo sa Baiseraele se mo hloye, mme kahoo e tla ba mohlanka wa ka kamehla yohle.”


Lean sinn:

Sanasan


Sanasan