Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -




2 Samuele 15:30 - BIBELE

30 Davida a nyolosa moepa wa Thaba ya Mehlwaare, a ntse a lla. O ne a ikgurumeditse hlooho, a tsamaya a sa rwala letho maotong. Batho bohle ba neng ba ena le yena le bona ba ne ba ikgurumeditse dihlooho, mme ba nyoloha ba ntse ba lla.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

Sesotho 1909/1961 (SO)

30 Jwale Davida a nyoloha moepeng wa thaba ya Mehlwaare, a hlwa a ntse a lla, hlooho ya hae e kgurumeditswe, a tsamaya, a rotse le dieta, le setjhaba sohle se ho yena se ikgurumeditse dihlooho, se ehlwa se ntse se lla.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac




2 Samuele 15:30
21 Iomraidhean Croise  

Bo-Sadoke le Abiatare ba kgutlisetsa areka ya Modimo Jerusalema, mme ba hlola hona teng.


Kgosi ya ikgurumetsa sefahleho, ya bokolla haholo, ya re: “Jo! ngwanaka Abosalome! Jo! ngwanaka, ngwanaka Abosalome!”


Jwale Joabe a ya lapeng ho kgosi, a re: “Kajeno o tlontlolotse bahlanka bohle ba hao, ba o pholositseng, ba pholosa le bara ba hao, le baradi ba hao, le basadi ba hao, le basadi ba hao ba mafielo.


Moredekai a boela monyakong wa kgosi, empa Hamane yena a potlakela ha hae, a sulafaletswe, a ikgurumeditse hlooho.


Moya wa ka o nyoretswe Modimo, o nyoretswe Modimo ya phelang: Ke tla ya neng, ke yo hlaha kapela Modimo?


Moya wa ka, o nyahametseng? O hloretseng ka sefubeng sa ka? Tshepa Modimo. Ke sa tla nne ke mmoke, yena mopholosi wa ka le Modimo wa ka.


O fehelwe o ntse o kgutsitse, o se ke wa llela bafu. O nne o rwale moqhaka wa hao hloohong ya hao, le meqathatso ya hao maotong, o se ke wa kwahela ditedu tsa hao kapa wa ja dijo tse etseditsweng ba bofifing.”


Le rwale meqhaka ya lona dihloohong, le meqathatso ya lona maotong. Le ke ke la lla leha e le ho bokolla, empa le tla motela ka baka la dibe tsa lona, mme le llelane.


Mohla tsatsi leo, Morena o tla ema Thabeng ya Mehlwaare, e ka botjhabela ho Jerusalema. Thaba ya Mehlwaare e tla petsoha ka lehare, ho tloha botjhabela ho isa bophirimela, ho hlahe kgohlo e tebileng; karolo e nngwe ya thaba e tla ya leboya, e nngwe yona e ye borwa.


Ho lehlohonolo ba mahlomoleng, hobane ba tla tshediswa.


Eitse ha a atamela Bethefage le Bethania, pela thaba e bitswang Thaba ya Mehlwaare, a roma ba babedi ba barutuwa,


Ha a atamela, a le motheong wa Thaba ya Mehlwaare, bongata bohle ba barutuwa ba qala ho rorisa Modimo ka mantswe a phahameng bo thabile, ka baka la diketso tsohle tse matla tseo bo di boneng,


Ha a ntse a atamela, a bona motse, a o llela,


Jesu o ne a ruta ka Tempeleng motsheare, empa bosiu o ne a etswa, a ya hlola thabeng e bitswang Thaba ya Mehlwaare,


Jesu a tswa, a ya Thabeng ya Mehlwaare ka tlwaelo ya hae, mme barutuwa ba hae ba mo latela.


Yaba ba theoha thabeng e bitswang Thaba ya Mehlwaare, e haufi le Jerusalema, ba kgutlela Jerusalema, e leng leeto le lekanang le la letsatsi la Sabatha.


Thabang le ba thabileng, llang le ba llang.


Haeba setho se seng se utlwa bohloko, ditho tse ding tsohle di utlwa bohloko le sona; kapa ha se seng se roriswa, tse ding tsohle di thaba le sona.


Lean sinn:

Sanasan


Sanasan