Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -




2 Samuele 15:11 - BIBELE

11 Banna ba makgolo a mabedi ba tswang Jerusalema, ba neng ba memilwe, ba ikela tjee ba sa tsebe letho, ba tsamaya le Abosalome.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

Sesotho 1909/1961 (SO)

11 Ha ya le Absalome makgolo a mabedi a ba memilweng ba Jerusalema, ba ya ba sa etse mano, ba sa tsebe letho.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac




2 Samuele 15:11
8 Iomraidhean Croise  

Na hase yena ya ileng a re ho nna: ‘Ke kgaitsedi ya ka’? Le yena mosadi a re: ‘Ke ngwaneso’? Nna ke entse hona ka letswalo le kgutsitseng, le ka matsoho a se nang molato.”


Kamehla ya se nang tsebo ke tumelakgweela, empa ya bohlale eka kgona a ikgodise.


Motho ya sedi o bona kotsi, a e balehe; ya se nang tsebo o hahamalla pele, a be a yo wela.


“Bonang, ke le roma jwaloka dinku hara diphiri; ha ho le jwalo le be masene jwaloka dinoha, mme le hloke mano jwaloka maeba.


Na kajeno ke lekgetlo la pele ke mmotsetsang ho Modimo? Tjhe! O se ke wa bona mohlanka wa hao le bohle ba lelapa la ntatae ba le molato. Mohlanka wa hao ha a tsebe le letho ka taba ena!”


Hanghang ha le fihla ka motseng le tla se fumana se eso nyolohele leralleng ho ya ja. Setjhaba se ke ke sa ja dijo senohe se eso fihle, hobane se lokela ho hlohonolofatsa sehlabelo, mme kamorao ho moo ba memilweng ba tla ja. Ka baka leo, nyolohang hona jwale, mme le tla se fumana.”


Lean sinn:

Sanasan


Sanasan