Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -




2 Samuele 14:1 - BIBELE

1 Joabe, mora wa Seruya, a bona hore pelo ya kgosi e ngongorehela Abosalome.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Joabe, mora Tseruja, a lemoha hobane pelo ya morena e hlolohetswe Absalome.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac




2 Samuele 14:1
8 Iomraidhean Croise  

Ha kgosi Davida a se a tetse Amanone, a qala ho hlolohelwa Abosalome.


Yaba Joabe o roma leqosa Tekowa, ho ya lata mosadi ya bohlale hona teng, mme a re ho mosadi eo: “Ke a o kopa: Iketsise, eke o motho ya llelang mofu, o apare seaparo sa bofifi, mme o se ke wa itlotsa ka ole; o be jwaloka mosadi ya qetileng matsatsi a mangata a llela mofu.


Kgosi ya sisimoloha moya haholo, yaba e nyolohela ka kamoreng e hahilweng hodima lerako la kgoro e kenang ka motseng, e ya llela teng. Ha e ntse e lla ya nna ya re: “Jo! ngwanaka Abosalome! Ngwanaka, ngwanaka Abosalome! Hoja ebe ho shwele nna bakeng sa hao! Jo! Abosalome, ngwanaka, ngwanaka!”


Yaba ho hlola ha letsatsi leo ho fetoha bofifi ho bahlabani bohle, hobane hona letsatsing leo ba ile ba utlwa ho thwe: “Kgosi e hlomohetse mora wa yona.”


Kgosi ya ikgurumetsa sefahleho, ya bokolla haholo, ya re: “Jo! ngwanaka Abosalome! Jo! ngwanaka, ngwanaka Abosalome!”


Bara ba bararo ba Seruya, e leng Joabe, le Abishai, le Asaele, ba ne ba le teng; Asaele a le lebelo jwaloka kgama ya naha.


Dikgaitsedi tsa bona e ne e le Seruya le Abikaele. Bara ba Seruya ba ne ba le bararo, e le Abishai, le Joabe, le Asaele.


Ba bangata ba batla ho ratwa ke mmusi, empa motho o fumana toka ho Morena feela.


Lean sinn:

Sanasan


Sanasan