Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -




2 Samuele 13:38 - BIBELE

38 Abosalome a fela a inea naha, a ya Geshure, mme a hlola teng dilemo tse tharo.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

Sesotho 1909/1961 (SO)

38 Absalome ha a baleha, a ya Geshure, a dula teng dilemo tse tharo.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac




2 Samuele 13:38
6 Iomraidhean Croise  

Ka nako ena Abosalome o ne a se a balehile. Ha mohlankana wa sebohodi a phahamisa mahlo, a tadima, a bona batho ba bangata ba theosa letswapo, ba etla ka tsela e kamorao ho yena.


Mosadi enwa a re: “Ke ka lebaka lang ha o hopolela setjhaba sa Modimo ntho e tjee? Leha kgosi e bua mantswe ana, kgosi e a itswa, hobane ha e eso ka e lata mora wa yona ya phaphathehileng.


Joabe a tloha, a ya Geshure, mme a tla le Abosalome, Jerusalema.


Abosalome a re ho Joabe: “Bona mona, ke ile ka o bitsa, ka re o tle kwano, ke tlo o roma ho kgosi, o yo re ho yona: ‘Ke hobaneng ke latilweng Geshure? Ho ka be ho le molemo hoja ke ntse ke le moo.’ Jwale a nke ke bone kgosi; haeba ke ena le molato, e mpolaye!”


Ha mohlanka wa hao a sa le Geshure e Arame, o ile a etsa kano, a re: ‘Haeba ruri Morena a ka nkgutlisetsa Jerusalema, ke tla mo nyehella ke le Heborone.’ ”


Wa bobedi ya eba Kilabe, ya tswetsweng ke Abikaele, eo e neng e le mohatsa mofu Nabale wa Mokaramele. Wa boraro ya eba Abosalome, mora wa Maaka, moradi wa Talamai, kgosi ya Geshure.


Lean sinn:

Sanasan


Sanasan