Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -




2 Samuele 1:2 - BIBELE

2 Ka letsatsi la boraro a bona ho fihla monna ya tswang diahelong tsa Saule tsa ntwa, diaparo tsa hae di haraswane, hloohong a itshetse ka mobu. Yare ha a fihla ho Davida a itihela fatshe ho isa hlompho.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

Sesotho 1909/1961 (SO)

2 Ka la boraro, ha tshoha ho fihla monna ya tswang ntweng, ho Saule, a hahotse diaparo tsa hae, a ithuntsheditse ka mobu hloohong. Eitse ha a fihla ho Davida, a itihela fatshe, a kgumama.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac




2 Samuele 1:2
25 Iomraidhean Croise  

Ka letsatsi la boraro, ha Aborahama a phahamisa mahlo, a bonela sebaka seo hole.


Ha Rubene a kgutlela ledumeleng, mme a bona hore Josefa ha a yo ka ledumeleng, a hahola diaparo tsa hae,


Jakobo a hahola diaparo tsa hae, a itlama letheka ka lesela le mahwashe, a llela mora wa hae ka matsatsi a mangata.


Ba re: “Mohlanka wa hao, ntata rona, o ya hantle, o sa ntse a phela.” Ba inama, ba itihela fatshe.


Davida a re ho yena: “O tswa kae?” Monna eo a re ho Davida: “Ke e mong wa bahlabani ba Baiseraele ya phonyohileng.”


Tamare a nka molora, a itshela ka wona hloohong, a hahola seaparo sa hae se mebalabala, seo a neng a se apere, a itshwara hloohong, a tsamaya a ntse a bokolla haholo.


Mosadi enwa wa Tekowa a ya bua le kgosi. Ha a fihla a itihela fatshe ka sefahleho, a isa hlompho, a re: “Oho, kgosi, nthuse!”


Ha Davida a se a fihlile kahodima tlhoro ya thaba, moo a neng a tlwaetse ho kgumamella Modimo teng, a bona ho fihla Hushai wa Moareke, seaparo sa hae se hahohile, a itshetse ka lerole hloohong.


Ha Arauna a betsetsa mahlo tlase, a bona kgosi le bahlanka ba yona ba etla ho yena. Arauna a atamela, mme a itihela fatshe ka sefahleho ho isa hlompho.


hore motho ya neng a mpehele, ha ke le Sikelage, a re ho nna: ‘Bona, Saule o shwele,’ e le ha yena a nahana hore o ntliseditse ditaba tse monate, bakeng sa ho mo nea moputso ka baka la taba tseo tsa hae, ke ne ke mo tshware, ka mmolaya.


“Tsamaya, o yo phutha Bajuda bohle ba teng mona Shushane. Ka matsatsi a mararo, bosiu le motsheare, le itime dijo ka baka la ka, le se ke la ba la ja letho, kapa la nwa letho. Le rona le makgabunyane a ka re tla itima dijo ka mokgwa o jwalo. Jwale ke hona ke tla ya ho kgosi, le hoja e tla be e se ka molao. Haeba ke eshwa, ke tla shwa.”


Ka letsatsi la boraro Esetere a apara seaparo sa hae sa bofumahadi, mme a ya ema kahare ho seotlwana sa ntlo ya kgosi, a tobana le ntlo ya kgosi. Kgosi e ne e dutse teroneng ya yona, ka tlung ya bokgosi, kapele ho monyako wa ntlo.


Ereng ho Modimo: “Mesebetsi ya hao e tshabeha hakaakang! Ka baka la matla a hao a maholo, dira tsa hao di a o qekisa.


Ba tla howeletsa haholo ba tlerohe, ba lle habohloko, ba o llele, ba itshele ka lerole hodima dihlooho, ba ipitike le hodima molora.


Kamora matsatsi a mabedi o tla re phedisa, ka tsatsi la boraro ebe o a re emisa, re tle re phele mmoho le yena.


Pelo tsa lona di ke di swabe, ho ena le ho hahola diaparo tsa lona. Kgutlelang ho Morena, Morena Modimo wa lona, hobane o mosa, o mohau, o dieha ho halefa, o tletse lerato, o hauhela ba etsang bokgopo.


Jwalokaha Jonase a bile ka mpeng ya leruarua matsatsi a mararo le masiu a mararo, ka mokgwa o jwalo Mora Motho o tla ba ka mpeng ya lefatshe matsatsi a mararo le masiu a mararo.


Ho tloha ka nako eo Jesu a qala ho qaqisetsa barutuwa ba hae hore eka kgona a ye Jerusalema, a yo hlokofatswa haholo ke baholo, le baprista ba baholo, le Ditsebi tsa Molao, a bolawe, mme ka tsatsi la boraro a tsoswe bafung.


Joshua le baholo ba Iseraele ba hahola diaparo tsa bona, ba itihela fatshe ka difahleho, kapele ho areka ya Morena, ho fihlela ka phirimana. Ba itshela ka lerole dihloohong.


“Bona, ke tla o neela ba bang bao e leng ba phutheho ya Satane, ba reng ke Bajuda, empa e se bona, ba le leshano. Ke tla etsa hore ba tlo kgumama maotong a hao, mme ba tla tseba hore ke o ratile.


Hoba moshanyana a tsamaye, Davida a ema, a tloha kamora qubu ya majwe, a itihela fatshe ka sefahleho, a obama kapele ho Jonathane hararo. Bo-Jonathane le Davida ba akana, ba llelana, ho fihlela sello sa Davida se feta sa Jonathane.


Eitse ha Abikaele a bona Davida, a potlaka, a tholoha tonki ya hae, a itihela kapele ho Davida ka sefahleho, a isa hlompho ho yena.


Monna wa Mobenjamine wa selahlamarungwana a baleha thekong ya ntwa, a ba a ya fihla Shilo ka lona letsatsi leo. Diaparo tsa hae di ne di tabohile, hlooho ya hae e tshetswe ka lerole.


Monna eo a re ho Eli: “Ke nna ya tswang thekong ya ntwa; ke balehile teng hona kajeno.” Eli a re ho yena: “Ho etsahetse dife, ngwanaka?”


Lean sinn:

Sanasan


Sanasan