Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -




1 Timothea 4:13 - BIBELE

13 Ho fihlela ke etla, o nne o bale Mangolo a halalelang, o kgothatse, o rute.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

Sesotho 1909/1961 (SO)

13 O ineele ho bala, le ho kgothatsa, le ho ruta, ke be ke fihle.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

Baasraak Sotho NT

13 Ho fihlela ke fihla, o sebeletse ho bala, ho eletseng, ho ruteng.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

13 Ho fihlela ke fihla, o sebeletse ho bala, ho eletseng, ho ruteng.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac




1 Timothea 4:13
20 Iomraidhean Croise  

empa ha e le rona re tla itahlela ka setotswana thapelong le tsebeletsong ya lentswe.”


Bolela tsena, o kgothatse, o kgalemele ka matla wohle. Ho se be ya o nyedisang.


Phatlalatsa lentswe, o pheelle ho le bolela, ebang le a amohelwa kapa ha le amohelwe; nyatsa, kgalemela, kgothatsa, o ntse o ruta ka mamello yohle.


Itlhokomele, o hlokomele le thuto ya hao. Tiisetsa ho tsena, hobane ka ho etsa jwalo o tla ipholosa, o be o pholose le ba o mamelang.


Ha o hlalosetsa bana babo rona tsena, o tla ba mosebeletsi wa sebele wa Kreste Jesu, ya otlwang ka dipolelo tsa tumelo le tsa thuto e ntle eo o e latetseng ka hloko.


Bao ba ne ba ena le maikutlo a matle ho feta ba Thesalonika, ba amohela lentswe la Modimo ka thahasello yohle, ba fuputsa Mangolong ka letsatsi le leng le le leng ho bona hore na ditaba tseo di jwalo.


Le fuputsa Mangolong, hobane le hakanya hore ka wona le na le bophelo bo sa feleng, athe ke wona a mpakang,


Kamehla o bue ka Molao ona, o o nahane motsheare le bosiu, e le hore o tle o hlokomele ho phetha tsohle tse ngotsweng ho wona, o tle o atlehe mesebetsing ya hao, mme o hlohonolofale ho tsohle tseo o di etsang.


Molao oo o be ho kgosi, e o bale ka matsatsi wohle a ho phela ha yona, e le hore e tle e ithute ho tshaba Morena Modimo wa lona, le ho boloka dipolelo tsohle tsa Molao, le ditaelo tsena, le ho di phetha.


Jwale, ke tla reng bana beso? Ke re: Kamehla ha le phuthehile, e mong a bine sefela, e mong a rute, e mong a le senolele tsa Modimo, e mong a bue ka leleme lesele, e mong a hlalose puo eo. Tsena tsohle di etsetswe ho matlafatsa phutheho.


Ya porofetang o bua le batho, o a ba matlafatsa, o a ba kgothatsa, o a ba tshedisa.


Jwale, bana beso, ho tla le thusa kang ha nka tla ho lona, ke bua ka leleme lesele, ntle le haeba puo ya ka e le senolela tsa Modimo, kapa tsebo, kapa boporofeta, kapa thuto?


ya neilweng ho kgothatsa, a kgothatse; ya fanang, a fane ka matsoho a mabedi; ya okametseng, a okamele ka mafolofolo; ya etsang mohau, a o etse ka thabo.


Ho tloha bonyenyaneng ba hao o tsebile Mangolo a Halalelang, a nang le matla a ho o hlalefisa, o tle o pholoswe ka ho dumela ho Kreste Jesu.


Lean sinn:

Sanasan


Sanasan