Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -




1 Timothea 3:1 - BIBELE

1 Lentswe lena ke la nnete: Ha motho a lakatsa bookamedi ba kereke, o lakatsa mosebetsi o motle.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Taba ena ke ya nnete: Motho ha a rata bolebedi, o lakatsa mosebetsi o motle.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

Baasraak Sotho NT

1 Polelo ena ke ya nnete, e reng: Ekare ha motho a lakatsa bolebedi, o lakatsa mosebetsi o molemo.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

1 Polelo ena ke ya nnete, e reng: Ekare ha motho a lakatsa bolebedi, o lakatsa mosebetsi o molemo.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac




1 Timothea 3:1
19 Iomraidhean Croise  

Tholwana ya ho loka ke sefate sa bophelo, ya bohlale yena o hapa meya ya batho.


Ke a le bolella hore, ka baka la moetsadibe a le mong ya bakang, thabo e jwalo e teng hara mangeloi a Modimo.”


“Bukeng ya Dipesalema, ho ngotswe ho thwe: “ ‘Leaho la bona le ke le fetohe lesupi, ho se be motho metlotlwaneng ya bona. “ ‘Hape ho thwe: “ ‘E mong a nke mosebetsi wa hae.’


Itlhokomeleng, le hlokomele le mohlape wohle, oo Moya o Halalelang o le beileng balebedi ba wona, hore le alose kereke ya Modimo, eo a iphumanetseng yona ka madi a Mora wa hae.


Jwale ke bua le lona, baditjhaba. Kaha ke le moapostola wa baditjhaba, ke motlotlo ka mosebetsi wa ka,


hore ba lokisetse badumedi tshebeletso ya Modimo, mmele wa Kreste o tle o matlafale.


Nna Paulosi, le Timothea, bahlanka ba Kreste Jesu, re dumedisa badumedi bohle bao e leng ba Kreste Jesu, ba leng Filipi, le baokamedi, le basebeletsi ba kereke, re re:


Bana beso, re a le rapela hore le kgalemele dikgoba, le kgothatse ba nyahameng dipelo, le thuse ba fokolang, le mamelle bohle.


Ke lentswe la nnete, le lokelang ho amohelwa ke bohle ka ho tlala, le reng Kreste Jesu o tlile lefatsheng ho pholosa baetsadibe, bao nna ke leng e mobehadi hara bona.


Ke lentswe la nnete, le lokelang ho amohelwa ke bohle ka ho tlala.


Lentswe lena ke la nnete, le reng: “Haeba re shwele le yena, re tla phela le yena;


Eka kgona mookamedi ya hlokometseng tsa Modimo a se ke a nyatseha. E se be motho ya ikgopolang, kapa sefelapelwana, kapa letahwa, kapa ya leqhoko, kapa ya ithuisang ka mano.


Lena ke lentswe la nnete. Nka rata hore ho tsena o se ke wa thekesela, e le hore bohle ba tshepang Modimo ba ikemisetse ho thahasella mesebetsi e metle. Hona ho hotle, mme ke thuso ho batho.


Hlokomelang hore ho se be ya furallang mohau wa Modimo, esere ha mela sebabane se seng se ferekanyang, mme sa silafatsa ba bangata.


Le ne le lahlehile jwaloka dinku, empa jwale le kgutletse ho Modisa le Mookamedi wa meya ya lona.


Ho se be teng hara lona ya hlokofatswang kahobane e le mmolai, kapa leshodu, kapa sesenyi, kapa ya itshunyakang ditabeng tsa ba bang.


Alosang mohlape wa Modimo o bodiseng ba lona. Le o hlokomele ka boithaopo, ka mokgwa o ratwang ke Modimo, e seng ka ho qobellwa; e be ka lerato, e seng ka ho ipatlela maruo ka mano.


Lean sinn:

Sanasan


Sanasan