Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -




1 Samuele 9:4 - BIBELE

4 Saule a feta hara naha ya Efraime e maralla, a feta le hara naha ya Shalesha, empa ba se ke ba di fumana. Yaba ba feta hara naha ya Shaaleme, mme le moo tsa eba siyo. A feta le hara naha ya morabe wa Benjamine, empa le teng a se ke a di fumana.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

Sesotho 1909/1961 (SO)

4 Ebile o ya le thaba ya Efraime, a ntoo ya le naha ya Shalisha, ba mpa ba se ke ba di fumana; ba ntoo ya le naha ya Shaalime; le teng tsa eba siyo; hape ba ya le naha ya Benjamine, ba se ke ba di bona.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac




1 Samuele 9:4
9 Iomraidhean Croise  

Jakobo a fihla ka kgotso motseng wa Shekeme, naheng ya Kanana, a etswa Padane-Arame; a hloma ditente tsa hae pela motse oo.


Monna e mong a fihla, a etswa Baale-Shalesha, a tliseditse moporofeta wa Modimo bohobe ba dilopotsiya, e le dinkgwa tsa harese tse mashome a mabedi, le diako tsa koro, a di kentse kahara seroto sa hae. Elisha a re: “Di fe batho bana, ba je.”


Johanne o ne a kolobeletsa Enone, haufi le Saleme, kaha metsi a ne a le mangata teng, mme batho ba ne ba etla, ba kolobetswa,


le Shaalebine, le Aiyalone, le Jitela,


Le Eleasare, mora wa Arone, a shwa. Ba mo epela Gibea, motseng wa mora wa hae Finease, oo a neng a o newe, o naheng e maralla ya Efraime.


Ho ne ho ena le monna ya neng a phela naheng e maralla ya Efraime, lebitso la hae e le Mmika.


Ka nako yona eo, ha Baiseraele ba ntse ba se na kgosi, Molevi e mong ya neng a jakile ka nqane ho naha e maralla ya Efraime, a inkela mosadi wa lefielo motseng wa Betlelehema e Juda.


Ho ne ho ena le monna e mong wa Ramataime-Sofime, wa naha e maralla ya Efraime. Lebitso la hae e ne e le Elekana, mora wa Jerohame, Jerohame mora wa Elehu, Elehu mora wa Tohu, Tohu mora wa Sufe, wa morabe wa Efraime.


Jwale ha lahleha ditonki tsa Kishe, ntata Saule. Kishe a re ho Saule: “Nka e mong wa bahlanka, o tsamaye, o yo batla ditonki.”


Lean sinn:

Sanasan


Sanasan