Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -




1 Samuele 9:20 - BIBELE

20 Ha e le ditonki tse nang le matsatsi a mararo di o lahlehetse, o se ke wa itshwenya ka tsona, hobane di se di fumanwe. Empa ke mang eo Baiseraele ba mo labalabelang haholo? Na hase wena le lelapa lohle la ntatao?”

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

Sesotho 1909/1961 (SO)

20 Diesele tse o lahlehetseng, kajeno e seng e le la boraro, o se ke wa belaela ka tsona, hobane di se di bonwe; mme tsohle tse lakatsehang tsa Iseraele di boloketswe mang? Ana ha di a bolokelwa wena le ntlo yohle ya ntatao na?

Faic an caibideil Dèan lethbhreac




1 Samuele 9:20
11 Iomraidhean Croise  

Ho feta mona, kaha ke rata Tempele ya Modimo wa ka, kahodima tsohle tseo ke seng ke di lokiseditse Tempele ena e halalelang, le nna ke abela Tempele ena ya Modimo wa ka matlotlo a ka a kgauta le a silefera:


Bafo ke lefeela, marena ke thetso; sekaleng ba bobebe, kaofela ha bona ke lefeela.


Thahasellang dintho tse hodimo, e seng tse lefatsheng,


Saule a re ho rangwanae: “O ile a re bolella hantle hore ditonki di fumanwe.” Empa ha a a ka a mmolella letho ka taba ya mmuso, eo Samuele a e buileng ho yena.


Jwale, ka baka leo, bonang kgosi eo le ikgethetseng yona, eo le ikopetseng yona; Morena o le neile yona.


Empa haeba le sa mamele lentswe la Morena, le fetohela melao ya Morena, o tla le lwantsha, jwalokaha a lwantshitse bo-ntata lona.


Ha a le lekgatheng la ho shwa, basadi ba neng ba eme pela hae, ba re: “Se tshabe letho, hobane o belehile mora.” Empa a se ke a ba araba, leha e le ho natsa seo ba se buang.


Setjhaba sa hana ho mamela lentswe la Samuele, sa re: “Tjhe, re batla ho ba le kgosi e re busang,


Ba re ho yena: “Bona, o tsofetse, mme bara ba hao ha ba latele mehlala ya hao. Jwale he, re kgethele kgosi e tla re busa jwaloka ditjhaba tsohle.”


Samuele a araba Saule, a re: “Ke nna senohe. Nketelle pele, o nyolohele leralleng, hobane kajeno re tla ja le wena. Hosasane ke tla o lokolla, o tsamaye, mme ke tla o bolella tsohle tse ka pelong ya hao.


Jwale ha lahleha ditonki tsa Kishe, ntata Saule. Kishe a re ho Saule: “Nka e mong wa bahlanka, o tsamaye, o yo batla ditonki.”


Lean sinn:

Sanasan


Sanasan